Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/00 leq. 4
  • Na U Ananela Mamello ea Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ananela Mamello ea Jehova?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa ho se Fele Pelo ha Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ithute Mohlaleng oa Jehova le Jesu oa ho Bontša Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Re Lokela ho Etsa Tšebeletso ea Rōna re sa Fele Pelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 7/00 leq. 4

Na U Ananela Mamello ea Jehova?

1 Hoja Jehova a se ke a mamella ka lilemo tse ling tse 10, 20 le ho feta tse fetileng, a lumella hore ho fanoe ka bopaki bo eketsehileng, na u ka be u ithutile ’nete? Re leboha hakaakang hore ebe o lumelletse batho ba bangata ba eketsehileng hore ba “fihle pakong.” Leha ho le joalo, letsatsi le leholo la Jehova la kahlolo “le tla tla joaloka lesholu.” (2 Pet. 3:9, 10) Kahoo, ho mamella ha Molimo ha hoa lokela ho utloisisoa ka tsela e fosahetseng e le ho lieha ho tlisa bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.—Hab. 2:3.

2 Ho Utloela Batho Bohloko: Mamello ea Jehova e feta kutloisiso ea rōna hōle. Ha rea lokela ho lahleheloa ke morero oa eona. (Jon. 4:1-4, 11) Jehova o bona boemo bo hlomolang pelo ba moloko oa batho ’me o o utloela bohloko. Jesu o ikutloa ka tsela e tšoanang. Ka ho utloela bohloko matšoele ao a neng a a bolella, o ile a batla hore mosebetsi oa ho bolela evangeli o atolohe e le hore ba eketsehileng ba ka ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng.—Mat. 9:35-38.

3 Ha ho e-ba le litlokotsi le likoluoa, na ha re ke re hauhele batho ba sa tsebeng ’nete? Kajeno batho ba tšoana le “linku tse se nang molisa” ha ba ntse ba leka ho sebetsana le pherekano e lefatšeng le ho e utloisisa. (Mar. 6:34) Ka ho bolela litaba tse molemo ka cheseho, re tšelisa ba lipelo li sekametseng ho lokeng le ho bontša kananelo ea rōna ka mamello ea Jehova.—Lik. 13:48.

4 Mosebetsi oa Rōna o Potlakile: Selemong se fetileng ho ile ha kolobetsoa ba 323 439 ’me ba fetang 14 000 000 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Ho na le ba bangata hakaakang ba ka ’nang ba pholoha timetso ea tsamaiso ee e khopo! Hore na “bongata bo boholo” bo tla ba boholo hakae, ha re tsebe. (Tšen. 7:9) Hore na thōmo ea rōna ea ho bolela e tla tsoela pele halelele hakae, ha re tsebe. Empa Jehova eena oa tseba. Litaba tse molemo li tla boleloa ho fihlela a khotsofala, “’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Mat. 24:14.

5 Nako e setseng e fokotsehile, ’me letsatsi la Molimo le atametse. (1 Bakor. 7:29a; Baheb. 10:37) Ntle ho pelaelo, “poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli.” (Baroma 13:11) A re se keng ra lahleheloa ke morero oa mamello ea Molimo. Ho e-na le hoo, a re boleleng ka potlako e le hore ba eketsehileng ba labalabelang ho loka ba ka latsoa mohau oa Jehova o moholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela