Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/00 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 8/00 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August: Bukana leha e le efe ho tse latelang tse nang le maqephe a 32 e ka sebelisoa: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka fanoa moo ho loketseng. September: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Moo ho fumanoang thahasello maetong a ho boela, ho ka nehelanoa ka lipeeletso. Ho elella qetellong ea khoeli ho tla ho ajoa Kingdom News No. 36, “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?” November: Ho ajoa ha Kingdom News No. 36 ho tla tsoela pele. Liphutheho tse akarelitseng masimo a tsona ka ho finyella beng ba matlo ka kopi ea Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa fana ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, ho ka sebelisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, a tsebise phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Ho qala ka August, libeche tsa kopano ea setereke ea 2000 li tla fumaneha ka Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li lokela ho qala ho li kōpa ha li kōpa libuka lekhetlong le latelang. Ka kōpo le li kōpe ka lihlopha tsa tse 20. Likōpo tse potlakileng ha li na ho amoheloa, kahoo etsang kōpo nako e sa le teng.

◼ Ho baloa ha setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng ho etsoang selemo le selemo ho lokela ho etsoa ka la 31 August, 2000, kapa e be haufi kamoo ho ka khonehang. Setoko sena se tšoana le ho baloa ha libuka ho etsoang ke mohokahanyi khoeli le khoeli, ’me likakaretso li lokela ho kenngoa foromong ea Setoko sa Libuka (S-18). Palo e akaretsang ea limakasine tse teng e ka fumanoa ho bahlanka ba limakasine phuthehong ka ’ngoe e sehlopheng sa kabo ea libuka. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Setoko sa Libuka (S-18). Ka kōpo romelang kopi e ka holimo ho Mokhatlo eseng ka mor’a la 6 September. Bolokang kopi ea k’habone lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka sebelisoa e le leqephe leo ho sebeletsoang ho lona. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlokomela ho baloa ha setoko. Mongoli le molebeli ea okamelang ba phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo eo.

◼ Ho tloha ka la 31 August, 2000, ho ea ho la 6 September, 2000, Mokhatlo o tla bala setoko sa libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka la ho baloa hona ha setoko, ho ke ke ha etsoa likōpo tsa lingoliloeng tsa liphutheho bakeng sa ho isoa kapa ho latoa nakong ea matsatsi ao.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le liphetoho matsatsing a latelang a kopano ea setereke:

La 17-19 November: St. Helena

La 15-17 December: Walvis Bay

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela