Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/00 leq. 1
  • Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ho Mohla re Kileng ra Kena-kena Hakana Moeeng!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Na U “Ruela ho Molimo”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • ‘Tholoana ea Moea’ e Tlotlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Tlhohonolofatso ea Jehova e’a Ruisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 9/00 leq. 1

Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa

1 Hangata katleho ea motho e lekanngoa ka hore na o lefshoa bokae. Ke ka lebaka leo batho ba bangata ba nkang hore ba nang le chelete ba thabile ka ho fetisisa ’me ba khotsofetse. Leha ho le joalo, batho ba nang le maikutlo a hore chelete e ka reka thabo ba fositse ka tsela e soabisang. (Moek. 5:12) Ba “ikemiselitseng ho rua” ha ba na thabo e tšoarellang. (1 Tim. 6:9) Ha ho bapisoa, bahlanka ba Jehova ke bona ba hlileng ba thabileng ’me ke bona batho ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng. (Liprov. 10:22, NW; Tšen. 2:9) Joang?

2 Bopaki ba Maruo a Rōna: Re na le temohisiso e khōlō haholo ea moea le kutloisiso ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng, Jehova o tsoela pele ho re ruta ka eena le ka Mora oa hae, molemong oa rōna oa ka ho sa feleng. Kutloisiso e nepahetseng e re nolofalletsa ho atamela haufi le Jehova le ho thabela kamano e haufi-ufi le eena. (Jak. 4:8) Ho lemoha se setle ho se sebe le ho latela melao ea Molimo ho re sireletsa mafung a itseng le likotsing. Re na le tšepo ea hore Jehova o tla re hlokomela, e leng ho fellang ka khotsofalo ea bomolimo le khotso ea kelello.—Mat. 6:33.

3 Re thabela khotso le bonngoe ka har’a barab’abo rōna ba moea hobane re hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo. Kaha re kopantsoe ke tlamo e matla ea lerato, ha ho hlokahale hore le ka mohla re ikutloe eka re lahliloe ke Molimo kapa barab’abo rōna ha re talimane le tlokotsi.—Bagal. 6:10.

4 Bophelo ba rōna bo na le moelelo le morero oa sebele. Re ho nka e le tokelo e babatsehang ho kopanela ho boleleng litaba tse molemo lefatšeng lohle. Hona ho tlisa thabo e sa feleng ha re thusa ba bang hore ba be le kamano e ntle le Molimo le ho sebeletsa re kopane borapeling bo hloekileng. Letlotlo la rōna le ke keng la lekanngoa la tšebeletso le tlisetsa Jehova tlhompho le ho re fa khotsofalo ea ho tlatsetsa ho halaletseng lebitso la hae. Re lula re e-na le boikutlo bo nepahetseng ba kelello, re tseba hore tšepo ea rōna ea nako e tlang e tla phethahala haufinyane.

5 Ho Bontša Kananelo ea Rōna: E se eka kamehla re ka ananela litlhohonolofatso tsa Jehova, e leng tse re etsang batho ba ruileng ka ho fetisisa e le kannete lefatšeng. (Liprov. 22:4) Ho ipha nako letsatsi le leng le le leng re thuisa ka seo re nang le sona ho re susumelletsa hore re lebohe Jehova ka lerato la hae le leholo ’me re tsoele pele ho mo fa boinehelo bo khethehileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela