Likhopotso Tsa Kabo e Nolofalitsoeng ea Libuka
1 Thōmo ea rōna ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Re thaba haholo ho bona keketseho e babatsehang kabong ea libuka le limakasine ho tloha ha re qala ka tokisetso ena e nolofalitsoeng ea ho aba libuka. Kahoo ho finyelloa batho ba bangata haholo ka litaba tse molemo. Tokisetso e nolofalitsoeng ea ho aba libuka e sebetsa joang phuthehong lōna? Re amohetse lipolelo tse ngata tse e thoholetsang. Molemo o moholohali ke hore joale e mong le e mong ka phuthehong a ka ba le kopi ea Molula-Qhooa le buka ea Daniele bakeng sa liboka tsa bona tsa phutheho, ebang ba ka khona ho nehela ka ho lekaneng ho koahela litšenyehelo tsa lingoliloeng tsena kapa che. Sena se nolofalletsa bohle ka phuthehong hore ba tsoele pele hantle moeeng.
2 Ba bangata baa ipotsa, Ebe menehelo e kena joang kaha joale re aba libuka le limakasine ntle ho tefo? Liphutheho tse ngata li sebetsa hantle haholo, li romela menehelo e mengata ho feta pele. Leha ho le joalo, kaha ho romeloa libuka tse batlang li imena habeli liphuthehong, re lokela ho lebella menehelo e eketsehileng bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle hore e kene. Empa hona joale sena hase etsahale Afrika Boroa.
3 Hona ho phahamisa potso, Ke mang ea ikarabellang ho koahela litšenyehelo tsa libuka le limakasine tseo re li abang? Ha tokisetso e nolofalitsoeng ea ho aba libuka e ne e hlahisoa Sehlopha se Busang se ile sa re: “Bahlanka ba Jehova ba inehetseng ke bona mohloli o ka sehloohong oa tšehetso ena.” Se ile sa phaella: “Kaofela ha rōna re lokela ho ikutloa re ikarabella bakeng sa seo re se fumanang.” Kahoo, ha re fumana libuka kapa limakasine, ka borōna re lokela ho ikutloa re ikarabella hore re ntše monehelo ’me re o kenye ka lebokoseng le tšoailoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle oa Mokhatlo—Mat. 24:14.” Haeba re sa khone ho koahela litšenyehelo tsa libuka le limakasine tseo re li fumanang ka botlalo, na ha rea lokela hore bonyane re ntše monehelo oo re ka o khonang? Haeba re sa tsebe theko ea ntho e itseng, re na le monyetla oa ho etsisa ea re behetseng mohlala, Jesu Kreste, ka ho fana ka se fetang se hlokahalang.—Bapisa le Matheu 14:14-21; 1 Petrose 2:21.
4 Ho phaella moo, ha re fana ka lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng tšimong ’me batho ba re botsa hore na ke bokae, re ba bolella hore re li aba ntle ho tefo. Leha ho le joalo, re phaella ka ho re mosebetsi oa rōna oa lefatše ka bophara o tšehetsoa ka menehelo ea boithaopo le hore haeba ba batla ho ntša monehelo o monyenyane molemong oa mosebetsi oa rōna oa ho bolela oa lefatšeng ka bophara ba ka kenya monehelo oa bona ka enfelopong eo re e tšoereng. Kamehla re lokela ho nka enfelopo bakeng sa morero ona. Chelete ena kaofela e lokela hore e kenngoe mabokoseng a monehelo a tšoailoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle oa Mokhatlo—Mat. 24:14.” Monehelo oa rōna ha o kopana le o tsoang tšimong o lokela ho nolofalletsa Mokhatlo hore o tsoele pele ho hatisa libuka le limakasine le ho hlokomela mosebetsi oa ho bolela lefatšeng ka bophara. Barab’abo rōna ba babeli ba inehetseng ba lokela ho bula mabokose ana, ba bale chelete eo hammoho ’me ba ngole rasiti ’me ba fe mohlanka oa liak’haonte kopi ea eona le chelete.
5 Re lokela ho talima ho fumana Libibele tsa deluxe, meqolo ea Insight le meqolo ea Watchtower le Awake! le lintho tse ling tse theko e phahameng joang? Ak’u ipotse, ‘Na pele kabo e nolofalitsoeng ea libuka e sebetsa, ke ne nka iphumanela lintho tsee tse theko e phahameng? Na hona joale ke khona ho ntša monehelo o loketseng bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa lingoliloeng tse joalo?’ Ka mohlala, ho e-na le ho batla Bibele ea deluxe, ke hobane’ng ha u sa khotsofalle khatiso e tloaelehileng? Moo malapa a ka balang Senyesemane ’me a ka khona ho rua molemo meqolong ena ea Insight, a ka iphumanela sete e le ’ngoe bakeng sa lelapa. Sena se tla sebetsa le linthong tse ling tse theko e phahameng tse kang lik’hasete le litheipi tsa video. Kaofela re lokela ho ba seli hore ha re nke lintho tse joalo feela hobane ho sa hlokoe hore re li lefelle. Re ntse re lokela ho ikutloa re ikarabella ho koahela litšenyehelo tsa lintho tse joalo ho latela matla a rōna.
6 Na re ka sebelisa e ’ngoe ea chelete eo re e fumanang mabokoseng a menehelo a tšoailoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle oa Mokhatlo—Mat. 24:14” ho lefella sekoloto sa Holo ea ’Muso kapa litšenyehelo tse ling tsa phutheho? Che, hoo e ke ke ea e-ba ho nepahetseng. Lichelete tse ka mabokoseng ana hase tsa phutheho empa ke tsa Mokhatlo bakeng sa mosebetsi oa ho bolela lefatšeng ka bophara ’me li lokela ho romeloa ho Mokhatlo bofelong ba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ha lia lokela ho sebelisetsoa morero leha e le ofe o mong. Litšenyehelo tsa Holo ea ’Muso li lokela ho koaheloa ke menehelo e tšetsoeng ka lebokoseng le tšoailoeng “Menehelo ea Phutheho.”
7 Re thabela tokisetso ena ea kabo e nolofalitsoeng ea libuka. A re bontšeng ho e ananela ka ho ntša monehelo bakeng sa libuka le limakasine tseo re li fumanang bakeng sa ho itšebelisetsa tsona le bakeng sa tšebeletso ea tšimo.