Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/01 leq. 7
  • Ela Hloko Mesebetsi e Babatsehang ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ela Hloko Mesebetsi e Babatsehang ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Baetsi ba Lentsoe” ba Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na U Tla Re, “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Joang Jehova a re Thusang Hore re Mamelle re Thabile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 2/01 leq. 7

Ela Hloko Mesebetsi e Babatsehang ea Molimo

1 Ka matsatsi a mararo a nyakallisang, re ile ra bokana Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Re ile ra furalla matšoenyeho a bophelo a letsatsi le letsatsi ’me ra tsepamisa mohopolo mesebetsing e babatsehang ea Jehova. Lenaneo le ne le reretsoe ho eketsa tumelo ea rōna ho Molimo le Lentsoeng la hae, ho matlafatsa kamano ea rōna le eena, le ho matlafatsa cheseho ea rōna tšebeletsong. Re rua molemo joang linthong tseo re li rutiloeng?—Joh. 13:17.

2 Malapa a Mamela Lentsoe la Molimo: Neheletsano e reng “Mamela Lentsoe la Molimo” e ile ea re thusa ho hlahloba boemo ba moea ba malapa a rōna. Bana ba rata ho ithuta. Kahoo, batsoali ba tšabang Molimo ba ile ba khothalletsoa ho etsa hore thuto ea Bibele ea lelapa e be motheo oa ho haha lelapa le tiileng moeeng. Lihlooho tse ngata tsa malapa li buisana le bana ba tsona ka bukana e ncha ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! Sena se tla ba thusa ho hlaolela kamano e thabileng le e sireletsehileng le Jehova. Batsoali, rutang bana ba lōna ho ela hloko maikutlo a Molimo. Bontšang ka liketso hore lea mo rata ’me le rata le seo a se etsang. (Pes. 103:2) Sebetsang hammoho ho finyella lipakane tse ntle tsa Mangolo tse amanang le ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng.

3 Lentsoe la Molimo le Bonesa Tsela ea Rōna: Re ile ra thaba ha re amohela buka e ncha ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I. U se u balile moqolo oo oa pele ho fihlela hokae? Buka ea Esaia e bolela esale pele likahlolo tse tšabehang tsa lichaba tse sa tšabeng Molimo hammoho le litšepiso tse khanyang tsa ’Muso bakeng sa batho ba Molimo. (Esa. 34:2; 35:10) E boetse e haha tumelo le tšepo ho Jehova le tseleng eo a etsang lintho ka eona.—Esa. 12:2-5.

4 Ka ho bala Boprofeta ba Esaia I, qalong u ka bona kamoo Esaia a ileng a boloka botšepehi kateng ho Jehova le hoja a ne a pota-potiloe ke bokhopo. Ha a atolosetsoa memo ea hore e be lengosa la Molimo, Esaia o ile a arabela: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8) Ho thuisa ka moea oa hae oa ho ithaopa ho tla u khothalletsa hore u ’ne u tsoele pele ho bolela litaba tse molemo, ho ba le seabo se feletseng ho faneng ka “bopaki ho lichaba tsohle.”—Mat. 24:14.

5 Ho ela hloko ha rōna mesebetsi ea Jehova ho tla hōlisa boholo ba hae. Kahoo baballang tokelo ea ho ba baphethi ba lentsoe la Molimo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela