Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/00 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 11/00 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November: Kabo ea Kingdom News No. 36 e tla tsoela pele. Liphutheho tse akarelitseng masimo a tsona ka ho finyella ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ka Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa fana ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, ho ka sebelisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa buka leha e le efe e maqephe a 192 ea tse hatisitsoeng ka 1986 kapa pele ho moo tseo phutheho e nang le tsona setokong.

◼ Ka mor’a hore phutuho ea Kingdom News e fele, liphutheho tse ntseng li e-na le phepelo ea Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa khothalletsa bahoeletsi hore ba fane ka tsona ka tsela e tšoanang le ea ha ba fana ka lipampitšana—ka ntlo le ntlo kapa kae-kae. Haeba ho loketse, bahoeletsi ba ka siea e le ’ngoe lapeng le leng le le leng moo ho se nang batho, ba etse bonnete ba hore ba fetang ka tsela ha ba e bone. Ho lokela hore ho etsoe boiteko ba ho aba likopi tsohle tse setseng tsa molaetsa ona oa bohlokoa.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, a tsebise phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa limemo tsa Sehopotso bakeng sa selemo sa 2001 kōpong ea tsona e latelang ea libuka. Limemo li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho kōptjoa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Ka kōpo odarang ka ho sebelisa kahlolo e molemo kaha limemo tsena li reretsoe batho ba thahasellang feela, eseng bakeng sa ho ajoa ka kakaretso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela