Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Ka August le ka September ho ile ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse 16 tse sa tsoa hahuoa. Ka sebele tsena ke litaba tse molemo le tse thabisang haholo! Ka August ho ile ha neheloa liholo tse latelang tse 11: Alice, Middledrift, Ngxaza, Noncampa, Pepeni, Sugarbush le Tabankulu (kaofela li Eastern Cape), Bhekuzulu le Ethandukukhanya (KwaZulu-Natal), Ga-Rankuwa Zone 1 (Gauteng) le Maseru North (Lesotho). Sena se tlisa palo ea liholo tse nehetsoeng selemong sa tšebeletso sa 2000 ho 27. Ka September ho ile ha neheloa liholo tse hlano, e leng: Nseleni (KwaZulu-Natal), Morija (Lesotho), Gelvandale le Jansenville (Eastern Cape) le Somerset West (Western Cape).
Re sa boetse re leboha le ho ananela sohle se entsoeng ke Likomiti tsa Kaho tsa Libaka (RBC), basebetsi ba baithaopi le malapa a bona ka moea oa bona oa boitelo ka ho thusa ka ho hahuoa ha Liholo tsena tsa ’Muso tse hlokahalang haholo. Ho latela litlaleho tsa rōna hona joale re na le Liholo tsa ’Muso tse fetang 500 tse nehetsoeng. Leha ho le joalo, ho sa ntse ho hlokahala liholo tse 315 (bakeng sa liphutheho tse nang le bahoeletsi ba fetang 30). Re khothalletsa liphutheho tsohle tse ntseng li hloka liholo hore (1) li fumane litša, (2) li ikopanye le RBC ea tsona le hore (3) li ’ne li tsoele pele ho ntša monehelo o eang letlōleng la tsona la mohaho. Sehlopha se Busang se rata hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e kopanele Holong ea eona ea ’Muso. Kahoo, ho ka ananeloa haholo haeba ba bangata ba rōna re ka thusa li-RBC ho haheng liholo tsena tse hlokahalang haholo.