Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/01 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 1/01 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa buka leha e le efe ea khale e maqephe a 192 ea tse hatisitsoeng ka 1986 kapa pele ho moo tseo phutheho e nang le tsona setokong. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele. April: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Fana ka buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang, ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele.

◼ Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba teng Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 29 January ba ka fumana karete ea Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa bana ba bona.

◼ Ho qala ka February, ’me eseng ka mor’a la 4 March, puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “Letsatsi la Kahlolo—Na ke Nako ea Tšabo Kapa ea Tšepo?”

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Sontaha sa la 8 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qala pejana, ho fetisoa ha litšoantšetso ho lokela ho qala ka mor’a hore letsatsi le likele. Fumana mehloling ea sebaka seo hore na letsatsi le likela neng sebakeng seo. Kaha ha ho liboka tse tla tšoaroa letsatsing leo kantle ho tsa tšebeletso ea tšimo, ho lokela hore ho etsoe litokisetso tse loketseng tsa hore Thuto ea Molula-Qhooa e tšoaroe ka nako e ’ngoe. Ho tla hlokahala hore balebeli ba potoloho ba fetole kemiso ea bona ea liboka bekeng eo ho latela maemo a sebaka. Le hoja e le ntho e ntle hore phutheho ka ’ngoe e itšoarele Sehopotso sa eona e le ’ngoe, ho ka ’na ha se be bonolo hore kamehla sena se etsahale. Moo ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa ho feta li ka sebelisa mehaho e meng mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso hore ho be le metsotso e seng ka tlaase ho 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo ka botlalo ketsahalong eo, ho fana ka nako ea hore ho kopanoe le baeti le ho khothatsa ba sa tsoa thahasella. Ho lokela hore ho nahaneloe le maemo a sephethephethe le ho paka likoloi, ho akarelletsa ho theola le ho lata bapalami. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemo haholo sebakeng ka seng.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng bakeng sa nako ea Sehopotso ka 2001 e tla fanoa ka Sontaha sa la 1 April. Sehlooho sa puo e tla ba se reng “Ke Bo-mang ba ka Pholohang?” Ho tla fanoa ka kemiso ea puo. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho, kopano ea potoloho kapa letsatsi le khethehileng la kopano bofelong ba beke eo li tla ba le puo e khethehileng bekeng ea la 9 April. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 1 April, 2001.

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Warning Examples for Our Day (Tšoantšiso, k’hasete e le ’ngoe)—Senyesemane

Ka la 7 April, 2001, e tla ba Letsatsi la rōna le khethehileng la Limakasine. Nakong e fetileng ba bangata ba ile ba thabela ho kopanela tšebeletsong ea Letsatsi le khethehileng la Limakasine. Re khothalletsa bohle hore ba qale hona joale ho etsa litokisetso e le hore ba ka kopanela ka botlalo selemong sena. Liphutheho li lokela ho etsa likōpo tsa tsona tse khethehileng tsa limakasine hang-hang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela