Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/01 maq. 2-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 2/01 maq. 2-7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa buka leha e le efe ea khale e maqephe a 192 ea tse hatisitsoeng ka 1986 kapa pele ho moo tseo phutheho e nang le tsona setokong. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele. April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Fana ka buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang, ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, a tsebise phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba tšebetso ea bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba ho e-na le ba thatafalloang ke ho finyella lihora tse hlokoang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ba thusoe. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a selemo le selemo a Mokhatlo a S-201. Bona le serapa sa 12-20 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso (ea Senyesemane) ea August 1986.

◼ Mongoli o lokela ho bona hore Komiti ea Libaka ea Kaho e lula e behiloe leseling ka boemo ba bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba faneng ka liforomo tsa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82). Ha ho e-na le liphetoho boemong ba moithaopi, joaloka ba ha motho a falla kapa a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ho lokela ho tlatsoe liforomo tse ncha hang-hang ’me ho fanoe ka tsona. Haeba aterese ea poso kapa nomoro ea thelefono ea moithaopi e fetoha, kapa haeba a se a se boemong bo botle le phutheho, baholo ba lokela ho tsebisa Komiti ea Kaho ea Libaka ka lengolo kapele-pele.

◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso sa selemo sa 2002 se tla ba ka Labone la la 28 March, ka mor’a hore letsatsi le likele, eseng ka Labohlano, la la 22 March, joalokaha ho bontšitsoe qetellong ea Almanaka ea 2001. Tsebiso ena e etsoa esale pele tjena hore barab’abo rōna ba ka etsa likōpo tse hlokahalang kapa likonteraka bakeng sa liholo tse teng haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso ’me ho tlameha hore ho fumanoe mehaho e meng. Ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo eo, ha se abela sebui sa Sehopotso, sehlopha sa baholo se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang haholoanyane ho e-na le hore feela ba chenchane kapa ho sebelisoe mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Ho tla etsoa mokhelo haeba ho e-na le moholo ea tšoanelehang ea tlotsitsoeng ea ka fanang ka puo eo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001 kōpong ea tsona ea libuka ea February. Buka ea Selemo ea 2001 e tla fumaneha ka Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libuka tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha e le “Pending” lethathamong la lintho tse romelloang phuthehong. Buka ea Selemo ea 2001 ke ntho e kōptjoang ka ho khetheha, ho bolelang hore li lokela ho kōptjoa feela ke phutheho ha ho e-na le batho ba li kōpileng ka ho khetheha; mohlanka oa libuka a ke ke a kōpa tse ngata a li kōpela phutheho. Ka hona, ho lokela ho bolokoa tlaleho ka hloko ea likōpo tsohle tsa sengoliloeng sena. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I—Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Sesotho, Seshona, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang (Khatiso e tloaelehileng)—Sesotho, Setswana

U ka ba Motsoalle oa Molimo!—Seafrikanse, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Seshona, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Kingdom Melodies No. 9 (k’hasete e le ’ngoe)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela