Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele. April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Fana ka buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang, ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Tsepamisang mehopolo tabeng ea ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele.
◼ Bahoeletsi ba lakatsang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka April ba lokela ho etsa litokisetso hona joale ’me ba qalelle ho fana ka likōpo tsa bona. Sena se tla thusa baholo hore ba etse litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo ’me ba be le limakasine tse lekaneng le lingoliloeng tse ling. Mabitso a bohle ba amohetsoeng ho ba bo-pula-maliboho ba thusang a lokela ho tsebisoa phuthehong.
◼ Sehopotso se tla tšoaroa ka Sontaha sa la 8 April, 2001. Ha ho liboka tse tla tšoaroa letsatsing leo ntle ho sa tšebeletso ea tšimo. Baholo ba ka etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa hore e tšoaroe ka nako e ’ngoe.
◼ Mokhatlo ha o sebetsane le kōpo ea mohoeletsi ka mong ea lingoliloeng. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli e ’ngoe le e ’ngoe pele ho romeloa kōpo ea phutheho ea libuka ea khoeli le khoeli ho Mokhatlo e le hore bohle ba thahasellang ho iphumanela lingoliloeng ba ka tsebisa mor’abo rōna ea tšoarang libuka. Ka kōpo hopolang hore na ke lingoliloeng life tseo e leng lintho tse kōptjoang ka ho khetheha.
◼ Likopano tsa Setereke tsa “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” e bile tse atlehileng haholo ’me bohle ba ne ba mametse ka cheseho lenaneong le hahang. Likopanong tse 41, ho ile ha kolobetsoa ba 2 465 ha ka kakaretso ho bile teng ba 146 277. Joale re lebeletse letoto la likopano tsa 2001.
◼ Likhoeli tse tharo li ile tsa boela tsa sebelisoa ka ho feletseng ka katleho le ho thabeloa phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Bahoeletsi ba 5 841 ba ile ba sebetsa lihora tse 53 796 ho aba limakasine tse 28 836, libuka tse 4 969 le libukana tse 17 722. Ba ile ba etsa maeto a ho boela a 4 131 ’me ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 508. Ena ke tlaleho e khothatsang ’me re lebeletse ka cheseho phutuhong ea 2001.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?—Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu