Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/01 leq. 2
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 4/01 leq. 2

Litaba Tsa Puso ea Molimo

◼ Bekeng ea ho qetela ea January ho ile ha neheloa Holo e ’ngoe ea ’Muso Clernaville (Pinetown) KwaZulu-Natal. Phutheho ena e thehiloe ka 1947 ’me ba 207 ba neng ba le teng ba ile ba thaba haholo ka bohato bona ba bohlokoa ba moea boo ba bo finyeletseng historing ea phutheho ena. Hona ho tlisa kakaretso ea liholo tse nehetsoeng selemong sena sa tšebeletso ho tse 14. Ba ntseng ba le mothating oa ho haha holo ea bona ba khothalletsoa ho etsa sohle se matleng a bona hore ba e qete kapele, e le hore holo eo e ka neheloa pele selemo sena sa tšebeletso se fela.

Litabeng tsa Puso ea Molimo ka December 2000 ho ile ha boleloa tjena: “Sehlopha se Busang se rata hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e kopanele Holong ea eona ea ’Muso.” Taba e ne e le hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho kopanela ka Holong ea ’Muso, eseng hakaalo holong ea eona. Ho loketse hore liphutheho tse tharo, tse ’nè kapa ho feta li arolelane Holo ea ’Muso. Leha ho le joalo, ba kopanelang mek’huk’hung ea masenke kapa e entsoeng ka lehong, kapa likolong baa tšoaneleha ho ba le Holo ea ’Muso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela