Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho liphuthehong tse latelang. Liphutheho tsena li ka ananela thuso bakeng sa ho hlokomela boikarabelo ba phutheho kapa ho koahela tšimo ea tsona e khōlō e sa sebetsoeng kamehla.
Botlokwa, haufi le Pietersburg: Ho hlokahala malapa a matla, baholo le bahlanka ba sebeletsang.
Clocolan: Ho na le phutheho e nyenyane sebakeng sena. Ha e khone ho koahela tšimo ea eona e behang litholoana. Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang, malapa a matla, kapa bo-pula-maliboho.
Dennilton: Phutheho ena e na le tšimo e khōlō. Ho hlokahala malapa a matla le bo-pula-maliboho.