Botsoalle ba Bokreste ke ba Bohlokoa Hakae?
1 “Ha ho na pulumo ea seema-nosi.” Polelo eo ea seroki sa lekholong la bo17 la lilemo e mpa e pheta seo Bibele e se buang ka tlhokahalo ea motheo ea motho—botsoalle. (Liprov. 18:1) Botsoalle ba rōna ba Bokreste bo khotsofatsa tlhoko ena. Ka litsela life tse molemo?
2 Tšebeletsong: O mong oa melemo e ka sehloohong ke tsela eo barab’abo rōna ba re matlafatsang le ho re tšehetsa ka eona tšebeletsong ea phatlalatsa. Jesu o ile a romela barutuoa ba hae “ka bobeli” ho ea bolela. (Mar. 6:7; Luka 10:1) Tumellanong le mohlala ona, ha re ntse re sebetsa le ba bang tšebeletsong ea tšimo, re latsoa bonnete ba Moeklesia 4:9, 10. Ha re phetha tšebeletso ea rōna hammoho, tumelo, kutlo le lerato la metsoalle ea rōna li re fa sebete ’me li nchafatsa cheseho ea rōna.
3 Bakeng sa Thuso ea Botho: Kutloano ea bara ba motho ke mohloli o mong oa khothatso le tataiso bakeng sa ho sebetsana ka katleho le likhatello le liteko tse sitisang. Metsoalle ea rōna ea Bakreste e ka ’na ea re hlokomelisa ka mangolo a sebetsanang le lintho tseo re amehileng ka tsona. E ka ba ea re rapella, feela joalokaha le rōna re e rapella. (2 Bakor. 1:11) ’Me ka sebele mohlala oa eona o motle o re susumelletsa mesebetsing e metle ’me oa re matlafatsa.
4 Libokeng: Ha re e-ba teng libokeng tsa phutheho kamehla, re thabela tlhohonolofatso ea botsoalle ba Bokreste. (Baheb. 10:24, 25) Lenaneo leo le enne ka taeo ea moea, ’me ho ba teng ha rōna ho re boloka re le haufi-ufi le balumeli-’moho le rōna. Liboka tsena li re fa monyetla oa ho utloa bara le barali babo rōna ha ba hlalosa tumelo ea bona, ebang ke ha ba le sethaleng kapa ba le har’a bamameli. (Bar. 1:12) Maqhama a botsoalle ba rōna a tiea le ho feta ha re qoqisana pele le ka mor’a liboka. Liketsahalo tse joalo li re bulela menyetla ea ho pheta liphihlelo tsa rōna tse hahang tumelo. Botho ba rōna bo ba molemo ha re tloaelana ka bolokolohi le ba ratang Jehova, re tloaelana le lentsoe la hae, mosebetsi oa hae le batho ba hae.—Bafil. 2:1, 2.
5 Re hloka metsoalle ea rōna ea Bakreste. Ka ntle ho eona, ho tsamaea tseleng e moqotetsane e isang bophelong ho ne ho tla ba thata haholoanyane. Leha ho le joalo, ka lerato la bona le khothatso, re ka tsoela pele re lebile lefatšeng le lecha le lokileng la Jehova.—Mat. 7:14.