Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka September: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Lingoliloeng tse ling tse ka tsamaisoang ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.
◼ Ho hopotsoa baholo hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba rata ho khutlisetsoa ka phuthehong.
◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa bona ba ka bolella mor’abo rōna ea sebetsanang le lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002 ha li kōpa libuka ka September. Lialmanaka tsena li tla ba teng ka Seafrikanse, Sechichewa, Secibemba, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela lialmanaka tsena li e-ba teng ’me li romeloa, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho la lintho tse pakoang. Sena ke sengoliloeng se etsetsoang kōpo e khethehileng ’me se lokela hore se kōptjoe feela bakeng sa bahoeletsi ba ikōpetseng sona. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)
◼ Ka Moqebelo oa la 13 October, 2001, Lehae la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisoa. Batho ba ke ke ba bontšoa mehaho letsatsing leo.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 1986-2000—Senyesemane
◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette, Moqolo 1—Puo ea Matsoho ea Amerika