Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/01 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 11/01 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Sengoliloeng se seng se ka tsamaisoang ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho romela tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91), ’mapa oa tšimo le liphihlelo leha e le life tse thahasellisang ofising ea lekala pele ho la 19 November, 2001. Tiiseha hore ho sebelisitsoe setempe sa chelete e lekaneng bakeng sa enfelopo e khōlō.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa limemo tsa sehopotso tsa 2002 ha li odara lingoliloeng ka November. Limemo tsena li fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho odaroa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Re kōpa hore le be le kahlolo e molemo ha le li odara kaha limemo li lokiselitsoe batho ba thahasellang feela, eseng bakeng sa ho abeloa batho bohle.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002 ha li odara lingoliloeng ka November. Buka ea Selemo e tla fumaneha ka Sechaena, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela Buka ea Selemo e e-ba teng ’me e romeloa, hangata ka April, e tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho tse pakoang. Buka ea Selemo ke e ’ngoe ea lingoliloeng tse etsetsoang kōpo e khethehileng, e leng se bolelang hore phutheho e lokela ho li odara hafeela ho e-na le batho ba itseng ba li batlang; mohlanka oa libuka a ke ke a odara tse ngata bakeng sa ho li abela phutheho. Ka hona, ho lokela ho bolokoe ka hloko tlaleho ea liodara tsohle tsa sengoliloeng sena. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.) Lihlooho tsa malapa li ka ’na tsa bona kopi e le ’ngoe e lekane bakeng sa lelapa ka leng.

◼ Tsoha! e se e hatisoa hang ka khoeli ka Sezulu ho tloha ka tokollo ea January 8, 2002. Re kōpa hore liphutheho li lokise liodara tsa tsona tsa limakasine tsa phutheho ka ho romela foromo e ncha ea Congregation Magazine/Our Kingdom Ministry Request (M-202).

◼ Khatiso ea Molula-Qhooa ea mongolo o moholo e se e fumaneha ka Seswahili.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? (Pampitšana No. 26)—Seafrikanse, Sechichewa, Secibemba, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu

◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Noah—He Walked With God—Sepotoketsi

The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette, Moqolo 3—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela