Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/02 leq. 8
  • Malapa a Matla Moeeng—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Malapa a Matla Moeeng—Joang?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo Thusa Malapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lelapa la Bokreste le Etsa Lintho Hammoho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Malapa, Rorisang Molimo le le Karolo ea Phutheho ea hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Malapa a Maholo a Kopane Tšebeletsong ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 4/02 leq. 8

Malapa a Matla Moeeng—Joang?

1 Malapa a Bakreste a babatsoa ka ho “ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea bona.” (1 Tim. 5:4) Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore malapa a ikitlaelletse ho lula a le matla moeeng kaha re pota-potiloe ke litšusumetso tse ngata tse mpe, tse ka re fokolisang tumelong. See se ka finyelloa joang?

2 Sebelisa Bohlooho bo Kang ba Kreste: Ho hlokahala hore lihlooho tsa malapa li etsise Jesu Kreste ka tsela eo li jarang boikarabelo ba tsona ho matlafatsa malapa a tsona. Ho e-na le ho re bontša lerato hang feela ka ho re shoela lefu la sehlabelo, Jesu o tsoela pele ho ‘fepa le ho baballa’ phutheho. (Baef. 5:25-29) Batsoali ba lerato ba etsisa mohlala ona oa tlhokomelo e lerato ka ho hlokomela litlhoko tsa malapa a bona tsa moea letsatsi ka leng. Sena se akarelletsa ho tšoara thuto ea Bibele ea lelapa beke le beke, ho buisana ka ho teba ka lintho tsa moea nako le nako ha ho khoneha le ho rarolla mathata ha a hlaha.—Deut. 6:6, 7.

3 Tšebeletsong ea Tšimo: Litho tsohle tsa lelapa li lokela ho utloisisa hore ho pakela ba bang ka Jehova le ka merero ea hae ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba tsona. (Esa. 43:10-12) Haeba lōna batsoali le batla hore bana ba lōna e be Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, le lokela ho hlaolela tšebeletso lipelong tsa bona ba sa le banyenyane. Tšohla le bona mabaka a etsang hore ho hlokahale boitelo tšebeletsong le ho kopanela ho eona beke le beke. (Mat. 22:37-39) Joale u lokisetse ho kopanela le bona kamehla tšebeletsong ea tšimo.

4 Haha kananelo ea mosebetsi oa boboleli ka ho behella ka thōko nako e itseng thutong ea lelapa ea beke le beke e le ea ho lokisetsa le ho itlhakisetsa ho fana ka nehelano e atlehang. Koetlisa bana ba hao ka bomong tšebeletsong, u ba thuse ho hatela pele ho latela lilemo le matla a bona. Ka mor’a ho qeta nako e itseng le bona tšebeletsong, buisana le bona ho utloa kamoo ba iponetseng molemo oa Jehova kateng. Pheta liphihlelo tse matlafatsang tumelo. Ha malapa a ntse a ‘latsoa hore Morena o mosa’ haholoanyane, a tla atamela haholoanyane ho Jehova, e leng ho tla a matlafalletsa ho hanela “bobe bohle.”—1 Pet. 2:1-3.

5 Libokeng: Ho hotle hakaakang ha litho tsa lelapa li thusana ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho, haholo haeba se seng se khathatse, se nyahame kapa se sithabetse! Morali’abo rōna e mong e mocha o itse: “Ntate o fihla a khathatse ha a tsoa mosebetsing. Joale ke mo bolella ntlha e itseng e thahasellisang e tla tšohloa sebokeng mantsiboeeng ao, ’me sena se mo khothalletsa ho ea. Le ’na ha ke khathetse, o nkhothalletsa ho ea.”—Baheb. 10:24, 25.

6 Ho Etsa Lintho Hammoho: Malapa a lokela ho etsa lintho hammoho, joaloka ho thusana ka mesebetsi ea lelapa. A boetse a lokela ho behella ka thōko nako e itseng bakeng sa boikhathollo bo khethiloeng hantle. Ho ea pikiniking, ho hloa lithaba, ho bapala hammoho le ho etela beng ka ’ona kapa metsoalle ho ka tlisa thabo le linako tse sa lebaleheng.—Moek. 3:4.

7 Malapa a matla a Bakreste a hlōla litšitiso tsa letsatsi le letsatsi tsa bomoea ba ’ona. Ka ho atamela haholoanyane ho Jehova, a latsoa matla ao a fanang ka ’ona.—Baef. 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela