Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/02 leq. 3
  • U Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Mohala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Mohala?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 5/02 leq. 3

U Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Mohala?

Thelefono ke tsela e ’ngoe e atlehang ea ho pakela batho ba ke keng ba fumanoa malapeng kapa ba lulang libakeng tse sirelelitsoeng ka thata. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba sa araba mohala—ba arabelloa ke mochine o arabang mohala. U ka etsa’ng ha u arajoa ke mochine? U se ke ua beha mohala fatše. Ho e-na le hoo, tšoara karabelo e ngotsoeng fatše e lokiselitsoeng hantle eo u ka e balang moo thelefonong. Ikoetlise ho etsa sena ka lentsoe le mofuthu, la motho ea qoqang. U ka re’ng?

U ka ’na ua mema mong’a ntlo ka mofuthu hore a be teng Sebokeng se latelang sa Phatlalatsa Holong ea ’Muso. U ka ’na ua re: “Ke masoabi hore ebe ke fumana u le sieo lapeng. Haeba u ka thabela ho utloa puisano e thehiloeng Bibeleng mabapi le [sehlooho sa puo ea phatlalatsa], ka kōpo, tloo Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Batho bohle baa mengoa. Ha ho ntšoe koleke ea letho.” Ebe u bolela letsatsi le nako e tobileng eo seboka se tšoaroang ka eona, ’me u fane ka aterese ea seterata kapa u hlalose sebaka seo Holo ea ’Muso e leng ho sona.

Ela hloko batho ba bacha ba ka ’nang ba tla libokeng, itsebise bona, ’me u etse hore ba ikutloe ba phutholohile. U se ke ua lebala ho ithaopela ho ba khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela