Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/02 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 9/02 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka September: Buka ea Tsebo. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, fana ka bukana ea Seo a se Hlokang, ebe u etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, u ka ba fa buka e ’ngoe ho tsa khale. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa ka phuthehong.

◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa bona ba ka bolella mor’abo rōna ea sebetsanang le lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng. Liphutheho tse hokahanyang lingoliloeng li lokela ho tiisa hore liphutheho tse kopanelang Holo ea ’Muso le tsona li beheloa lingoliloeng tsa tsona. Sena se akarelletsa bahoeletsi ba odarileng lingoliloeng tse khethehileng. Kamehla bahlanka ba libuka lokela ho tiisa hore li fuoa batho ba li odarileng.

◼ Likhatiso tsa Molula-Qhooa tse tsoang hanngoe ka khoeli tsa k’hasete ea video ea Puo ea Matsoho ea Amerika li tla fumaneha ho tloha ka tokollo ea la 1 September, 2002.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003 ha li odara libuka ka September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Secibemba, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Semalagasy, Senyesemane, Sepanishe, Sepolishe, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela lialmanaka tsena li e-ba teng ’me li romeloa, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho la lintho tse pakoang. Ke lingoliloeng tse etsetsoang kōpo e khethehileng, se bolelang hore phutheho e lokela ho li odarela bahoeletsi ba ikōpetseng tsona feela. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2003 ha li odara libuka ka September. Libukana tsena li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sechaena, Sechichewa, Sechitonga (Zambia), Secibemba, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekirundi, Sekwanyama, Selozi, Seluvale, Semalagasy, Senyesemane, Sepanishe, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Setumbuka, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela libukana tsena li e-ba teng ’me li romeloa, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho la lintho tse pakoang. Ke lingoliloeng tse etsetsoang kōpo e khethehileng, se bolelang hore phutheho e lokela ho li odarela bahoeletsi ba ikōpetseng tsona feela. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003 ha li odara libuka ka September. Buka ea Selemo e tla fumaneha ka Sechaena, Secroatia, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Senyesemane sa Braille, Sepanishe, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela libuka tsena li e-ba teng ’me li romeloa, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho la lintho tse pakoang. Ke lingoliloeng tse etsetsoang kōpo e khethehileng, se bolelang hore phutheho e lokela ho li odarela bahoeletsi ba ikōpetseng tsona feela. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)

◼ Ka Moqebelo oa la 19 October, 2002, Lehae la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisoa. Batho ba ke ke ba bontšoa mehaho letsatsing leo ’me ho ke ke ha e-ba le tokisetso ea hore liphutheho li late lingoliloeng tsa tsona.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng nakong ea Sehopotso selemong sa 2003 e tla fanoa ka Sontaha sa la 27 April. Sehlooho sa puo le kemiso li tla tsebisoa hamorao. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho kapa kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 27 April, 2003.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo—Sepotoketsi, Setaliana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela