Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba mong’a ntlo a se a ntse a e-na le tsona, u ka mo tsamaisetsa buka e ’ngoe ho tsa khale. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Liphutheho tse nang le buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo setokong li ka ’na tsa e tsamaisa.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea lichelete.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara meqolo ea 2002 ea The Watchtower le Awake! Meqolo ena e tla fumaneha ka Sechaena, Secroatia, Sedutche, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekorea, Senyesemane, Sepanishe, Sepolishe, Sepotoketsi, Seromania, Serussia le Setaliana. Ho fihlela meqolo ena e fumaneha le ho romeloa, e tla hlaha e le “Pending” lethathamong la tse romelloang phutheho. Meqolo e fumaneha ka kōpo e khethehileng.
◼ Mongoli oa phutheho ka ’ngoe eo setša se ngolisitsoeng ka eona o lokela ho hlahloba serapa sa 17 le sa 18 foromong e bitsoang “Information Regarding Ownership of Kingdom Halls” (T-36-E 3/00). Makhetho ’ohle a lokela ho lefuoa ka nako e behiloeng. Haeba ho e-na le lipotso mabapi le lekhetho leha e le lefe, latella taba eo ka potlako e le hore le ka tlosoa kapa ha kenngoa kōpo e loketseng ea ho le thibela nako e sa le teng.
◼ Ba etelang lekala la Afrika Boroa ka kōpo ba lokela ho hlokomela linako tse latelang tseo ho bontšoa mehaho ho qalang ka tsona fekthering kapa mohahong oa bolulo:
Lihlopha tsa tsamaeang ka libese li ka qala ho bona mohaho ha li fihla, empa li lokela ho tsebisa Bethel Office esale pele ka lengolo kapa ka thelefono, li bontše hore na ho tla batho ba bakae, letsatsi le nako eo li tla fihla ka eona le hore na li batla ho bontšoa mohaho ka puo efe. Ho ka bonoa mehaho ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano ho akarelletsa le ka matsatsi a phomolo, empa eseng ka Moqebelo kaha mafapha a mangata a koetsoe ’me kahoo ha re na batho ba ka bontšang batho mehaho.
◼ KA KŌPO HLOKOMELA: Ho entsoe liphetoho likopanong tse latelang tsa setereke:
La 20-22 December:
Tzaneen (Setsonga; e hlakotsoe)
Phalaborwa (Setsonga; kopano e ncha)
La 27-29 December:
Mbabane (Sezulu; matsatsi a macha)
◼ Ho qala ka tokollo ea January 8, 2003, Tsoha! ea Sepotoketsi e tla fumaneha ka k’hasete. Liphutheho li lokela ho romela likōpo tsa tsona ka foromo ea Kōpo ea Limakasine Tsa Phutheho (M-202).
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 2001—Senyesemane
◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette—Puo ea Matsoho ea Amerika
Warning Examples for Our Day—On Videocassette—Senyesemane
[Lebokose le leqepheng la 7]
FEKTHERI MOHAHO OA BOLULO
8:15 a.m. 8:45 a.m.
9:15 a.m. 9:45 a.m.
10:15 a.m. 10:45 a.m.
1:45 p.m. 1:15 p.m.
2:45 p.m. 2:15 p.m.