Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Liphutheho tse nang le buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo setokong li ka ’na tsa e tsamaisa. February le March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa maeto a ho boela bathong ba thahasellang, leka ho tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ho lokeloa ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa Bibele.
◼ Ho qala ka February le teng eseng ka mor’a la 2 March, puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “Ho Lopolloa Lefatšeng la Lefifi.”
◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Laboraro la la 16 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qala pejana, ho fetisoa ha litšoantšetso ho lokela ho qala ka mor’a hore letsatsi le likele. Fumana mehloling ea sebaka sa heno hore na letsatsi le likela neng. Moo liphutheho tse ’maloa li tloaetseng ho sebelisa Holo e le ’ngoe ea ’Muso, mohlomong phutheho e ’ngoe kapa tse ling li ka sebelisa mehaho e meng mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore ho be le bonyane metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo o feletseng ketsahalong eo. Ho lokela hore ho nahaneloe maemo a sephethephethe le ho pakoa ha likoloi, ho akarelletsa le ho theola le ho lata batho. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.
◼ Ho qala ka tokollo ea January 1, 2003, khatiso ea mongolo o moholo ea Molula-Qhooa e tla fumaneha ka Seshona.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang ka Braille:
2003 Yearbook of Jehovah’s Witnesses—Grade-two English
Examining the Scriptures Daily—2003—Grade-two English
Theocratic Ministry School Schedule for 2003—Grade-two English
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 2001—Senyesemane
◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
Respect Jehovah’s Authority—On Videocassette—Puo ea Matsoho ea Amerika
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette— Puo ea Matsoho ea Amerika
Warning Examples for Our Day—On Videocassette—Senyesemane
La 5 April, 2003, e tla ba Letsatsi la rōna le khethehileng la Limakasine. Nakong e fetileng ba bangata ba ile ba thabela ho kopanela mosebetsing o etsoang Letsatsing le khethehileng la Limakasine. Re khothalletsa bohle hore ba qale esale joale ho lokiselletsa ho kopanela ka botlalo selemong sena. Liphutheho li lokela ho kenya likōpo tse khethehileng tsa limakasine kapele kamoo ho ka khonehang kateng.