Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 April, 2003. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng likabelong tsa beke ea la 3 March ho ea ho ea la 28 April, 2003. [Tlhokomeliso: Ha ho sa fanoa ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke lintho life tse tlatsetsang ho sitiseng motho ho bua ka mokhoa o phollatsi? [1, be-SU leq. 93]
2. ’Nete kapa Bohata: Ho khefutsa ho lokela ho qojoa, kaha ho ka lumella likelello tsa batho ho lelera le ho ba fa monyetla oa hore ba u kene hanong. Hlalosa.[4, be-SU maq. 97-8]
3. Ho hatisoa ho loketseng ha mohopolo ke habohlokoa joang ho sebui kapa ho sebali sa phatlalatsa? (Neh. 8:8) [6, be-SU leq. 101]
4. Motho a ka ntlafatsa joang ho hatisoa ho loketseng ha mohopolo? [7, be-SU maq. 102-3]
5. Ke lintlha life tsa sehlooho tse lokelang ho hatisoa ha motho a bala sengoliloeng ka lentsoe le phahameng thutong ea Bibele kapa sebokeng sa phutheho? [8, be-SU leq. 105]
PUO EA 1
6. Batsoali ba ka etsa eng ho koetlisa bana “e le hore ba mamele le hore ba ithute” ha ba le libokeng tsa Bokreste? (Deut. 31:12) [1, be-SU leq. 16]
7. Paradeise ea moea ke eng? [2, w01-SU 3/1 maq. 8-10]—Esa. 11:9; Bagal. 5:22, 23.
8. Liproverbia 8:1-3 e bontša joang hore bohle ba ka fumana bohlale ba bomolimo, hona ho ea ka Bakolose 2:3 ba ka bo fumana hokae? [3, w01-SU 3/15 maq. 25, 28]
9. Re ka tsebahatsa lebitso la Molimo joang? (Joh. 17:6) [5, be-SU maq. 273-5]
10. Ke boitsebiso bofe ba bohlokoa boo batho ba lokelang ho bo tseba mabapi le ‘litaba tse molemo tsa ’muso’? (Mat. 24:14) [7, be-SU maq. 279-80]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. (a) Lekholong la pele la lilemo, ke ‘ntho efe e nyonyehang’ e boletsoeng ho Mareka 13:14? (b) Ho ‘ema ha eona moo e sa tšoanelang’ ho bolela eng? [2, w99-SU 5/1 leq. 15 ser. 6]
12. Kosepele ea Luka e bontša joang hore Jesu e ne e le mojalefa oa tlhaho teroneng ea Davida? (Luka 3:23-38) [3, w92-SU 10/1 leq. 9 ser. 3]
13. Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Luka 12:2?—Luka 12:3-5. [6, gt-SU 77]
14. Papisong ea Jesu ea drakema e lahlehileng, ke hobane’ng ha tsela eo mangeloi a itšoarang ka eona e le e tsotehang? (Luka 15:10) Mohlala oa ’ona o lokela ho re ama joang? [7, gt-SU 85]
15. Ke lilekane life tse peli tse boletsoeng ho Luka 22:29? [9, w98-SU 2/1 leq. 17 ser. 18; it-1 leq. 524]