Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Ka February le March ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ’nè. Re thaba le liphutheho tsena tse latelang: Baziya le Mount Ayliff (Eastern Cape), Winterveldt North (Pretoria) le Kgotsong (Bothaville, Foreisetata). E se eka bohle ba ratang ho thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso ba ka tsoela pele ho thabela tlhohonolofatso ea Jehova.
Re thabela ho tsebisa hore Likopanong Tsa Setereke tsa 2002 tsa “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang” ho bile le ba 158 142 ’me ha kolobetsoa ba 2 318. Ha ho bapisoa, bohle ba bileng teng ka Labohlano ba ne ba le 116 619 feela. Ka lebaka leo, re rata ho khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba kōpe nako ea ho ba sieo mosebetsing e sa le hona joale e le hore ba ka ba teng kopanong ka matsatsi ’ohle a eona. Hopolang hore matsatsi a kopano ea machaba a mane ’me a kopano ea setereke a mararo.