Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 August, 2003. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng lipuong tsa beke ea la 7 July, ho ea ho la 25 August, 2003. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ho talima batho ha u le tšebeletsong ho na le melemo efe? [2, be-SU leq. 125 lir. 1-2; leq. 125 lebokose]
2. U ka thusoa ke eng haeba u tšoha pele u kopanela tšebeletsong? [4, be-SU leq. 128 lir. 4-5]
3. Ke eng se tla u thusa ho bua ka tsela ea tlhaho le ea ho qoqa ha u fana ka puo sethaleng? [5, be-SU leq. 129 ser. 2; leq. 129 lebokose]
4. Melao-motheo e ho Levitike 16:4, 24, 26, 28; Johanne 13:10; le ho Tšenolo 19:8 e ama ponahalo ea rōna joang ’me ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa? [7, be-SU leq. 131 ser. 3; leq. 131 lebokose]
5. Hlalosa hore na motho ea itlhomphang le ea ‘hlaphohetsoeng kelellong’ ke ea joang. (1 Tim. 2: 9, 10) [8, be-SU leq. 132 ser. 1] PUO EA 1
6. Le hoja Bakreste ba lokela ho mamellana, ke eng seo ba sa se mamelleng? (Bakol. 3:13) [3, w01-SU 7/15 leq. 22 lir. 7-8]
7. ’Nete kapa Bohata: Palo e akaretsang ke palo e tobileng. Hlalosa. [4, si-SU leq. 282 lir. 24-5]
8. Ke sepheo sefe se molemohali seo re ka balang Lentsoe la Molimo ka sona, ’me ke hobane’ng ha ho ba le sepheo se joalo e le habohlokoa? [5, be-SU leq. 24 ser. 1]
9. Motho ea bohlale o ‘boloka tsebo’ joang? (Liprov. 10:14) [6, w01-SU 7/15 leq. 27 lir. 4-5]
10. Ke hobane’ng ha mekhoa e metle ea Jobo e le ea bohlokoa? (Jobo 1:1, 8; 2:3) [7, w01-SU 8/1 leq. 20 ser. 4]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Litho tsa sehlopha se busang li ile tsa khona joang ho fihlela “tumellano” ea hore ha ho hlokahale hore balumeli ba Balichaba ba bolle e le hore ba ka bolokeha? (Lik. 15:25)
12. Sehlopha se busang se ne se ka kōpa Pauluse joang hore a phethe litaelo tse itseng tsa Molao oa Moshe empa Jehova a ne a felisitse Molao oo? (Lik. 21:20-26) [2, it-1 leq. 481 ser. 3; it-2 leq. 1163 ser. 6–leq. 1164 ser. 1]
13. Ke liqoso life tsa bohata tseo moapostola Pauluse a neng a qosoa ka tsona tse re hopotsang lipolelo tse builoeng khahlanong le Lipaki Tsa Jehova mehleng ea morao tjee? (Lik. 24:5, 6) [3, w01-SU 12/15 leq. 22 ser. 7–leq. 23 ser. 2]
14. Pauluse o ile a beha mohlala joang e le ’moleli oa ’Muso esita leha a le litlamong ka lilemo tse peli? (Lik. 28:30, 31)
15. Ke ka tsela efe “balaoli ba phahameng” e leng karolo ea “tokisetso ea Molimo,” ’me see se lokela ho ama Bakreste joang? (Bar. 13:1, 2) [8, w00-SU 8/1 leq. 4 ser. 5]