Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/03 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 9/03 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka September: Buka ea Tsebo. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, ebe u etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba batho ba se ba e-na le tsona, ho ka tsamaisoa Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete kapa buka e ’ngoe ea khale. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Libuka tse ling tseo u ka li tsamaisang ke Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng haeba li teng setokong sa phutheho.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa ka phuthehong.

◼ Ka Moqebelo oa la 18 October, 2003, Lehae la Bethele le setsi sa khatiso li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisoa. Ho ke ke ha e-ba le tokisetso ea hore liphutheho li late lingoliloeng tsa tsona letsatsing leo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004, Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2004, le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004 ha li odara libuka ka September. Almanaka ea 2004 e ka odaroa ka Seafrikanse, Sechichewa, Secibemba, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Buka ea Selemo ea 2004 e ka odaroa ka Sechaena, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Sexhosa le Sezulu. Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2004 e ka odaroa ka Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Setumbuka, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela lingoliloeng tsena li e-ba teng ’me li romeloa, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho la lintho tse pakoang. Tsena ke lingoliloeng tse etsetsoang kōpo e khethehileng, e leng se bolelang hore phutheho e lokela ho li odarela bahoeletsi ba ikōpetseng tsona feela. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le liphetoho likopanong tsa setereke tse latelang:

La 12-14 December:

East London (Senyesemane) Kopano e ncha

La 19-21 December:

Port Elizabeth (Seafrikanse/Senyesemane) Lenaneo la lipuo tse peli

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Atamela ho Jehova—Mongolo o Moholo—Sechichewa, Senyesemane, Sepoto- ketsi, Seshona, Sezulu

Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng—Mongolo o Moholo—Senyesemane, Sepotoketsi

Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete—Mongolo o Moholo—Senyesemane, Sepotoketsi, Seshona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela