Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 leq. 6
  • Tlhahlobo Ea Sekolo Sa Tšebeletso Sa Puso Ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo Ea Sekolo Sa Tšebeletso Sa Puso Ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 leq. 6

Tlhahlobo Ea Sekolo Sa Tšebeletso Sa Puso Ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 October, 2003. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng lipuong tsa beke ea la 1 September ho ea ho la 27 October, 2003. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Keletso e ho 1 Timothea 2:9 e mabapi le hore motho a ikhabise ka “moaparo o hlophehileng hantle” e bolela’ng, hona e ka ama linehelano tsa rōna joang sethaleng kapa tšebeletsong ea tšimo? [1, be-SU leq. 132 lir. 4-5]

2. Melao-motheo ea Bibele e ho 1 Johanne 2:15-17, Baefese 2:2 le Baroma 15:3 e lokela ho ama ponahalo ea rōna joang? [2, be-SU leq. 133 lir. 2-4]

3. Ke hobane’ng ha botsitso e le ba bohlokoa, hona re ka etsa’ng hore re tsitse ha re bua sethaleng kapa ha re le tšebeletsong ea tšimo? [4, be-SU leq. 135 lebokose; leq. 136 ser. 5, lebokose]

4. Kaha Jesu ke “paki e tšepahalang le ea ’nete,” o re behetse mohlala joang tabeng ea ho sebelisa Bibele ha re le tšebeletsong? [8, be-SU leq. 143 lir. 2-3]

5. Re ka ba le tsebo e eketsehileng joang ea ho sebelisa Bibele? (Tite 1:9) [9, be-SU leq. 144 ser. 1, lebokose]

PUO EA 1

6. Thuto e akarelletsa’ng, ’me melemo e meng ea ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla ke efe? [1 le 6, be-SU leq. 27 ser. 3; leq. 32 ser. 4]

7. Tumellanong le Jakobo 1:5, 6, re lokela ho etsa’ng ha re talimane le ho etsa qeto ea bohlokoa? [4, w01-SU 9/1 leq. 28 ser. 4]

8. Lilemo tsa bohlokoa ke eng, hona ke hobane’ng ha e le tsa bohlokoa haholo? [5, si-SU leq. 282 ser. 27]

9. Ke ka tsela efe motho “ea hlahisang tlaleho e mpe” a hlokang kelello? (Liprov. 10:18) [7, w01-SU 9/15 leq. 25 ser. 3]

10. Ke joang batho ba tla utloisisa pono ea Jehova ea nako ka ho feletseng lefatšeng le lecha? [8, si-SU Leq. 283 ser. 32]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. ’Nete kapa Bohata: Ho 1 Bakorinthe 2:9, moapostola Pauluse o bua ka lintho tseo Jehova a li lokiselitseng batho ba hae ba tšepahalang e le lefa. Hlalosa. [1, ip-2-SU leq. 366 lebokose](1 Bakor. 2:10)

12. Mantsoe a ho 1 Bakorinthe 10:13 a sebetsa melekong efe, hona Jehova o ‘bula tsela’ joang? [2, w91-SU 10/1 leq. 10-11 lir. 11-14]

13. Mohlala oa Jesu oa ho fana ka seatla se bulehileng o ama Bakreste joang? (2 Bakor. 8:9) [4, w92-SU 1/15 leq. 16 ser. 10]

14. Ke joang Molao e bileng “motataisi . . . ea isang ho Kreste”? (Bagal. 3:24) [5, w02-SU 6/1 leq. 15 ser. 11]

15. “Lintho tsa motheo tsa lefatše” tseo re lokelang ho itebela ho tsona e le hore re se ke ra kheloha ke life? (Bakol. 2:8)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela