Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/04 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 4/04 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 26 April, 2004. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng lipuong tsa beke ea la 1 March ho ea ho la 26 April, 2004. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Ha re fana ka puo, ke hobane’ng ha ho le molemo ho sebelisa kemiso ho e-na le ho bala puo e ngotsoeng? [1, be-SU leq. 166 ser. 3]

2. Ha re lokisetsa tšebeletso ea tšimo, re ka hlophisa mehopolo ea rōna joang ka ho iketsetsa kemiso ka kelellong? [2, be-SU leq. 167 ser. 3]

3. U sebelisa Liketso 13:16-41 le Liketso 17:2, 3, hlalosa kamoo Pauluse a ileng a ‘paka ka mabaka a utloahalang hore Jesu ke Kreste.’ (Lik. 9:22) [4, be-SU leq. 170 ser. 2]

4. Melemo e meng ea puo e fanoang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng ke efe? [7, be-SU leq. 175 lir. 2-5]

5. Ke likotsi life tse tsamaeang le puo e fanoang u sa bale kemiso e ngotsoeng, hona re ka thusoa ke’ng ho li qoba? [8, be-SU leq. 175 ser. 6–leq. 176 ser. 3]

PUO EA 1

6. Ho ea ka tlaleho e ho Genese 32:24-32, Jakobo ea lilemo li 97 o ile a etsa’ng hore a fumane tlhohonolofatso ea Jehova, hona see se re ruta’ng? [3, w02-SU 8/1 maq. 29-31]

7. “Matla a ho nahana” ke eng, hona a ka re thibela joang hore re hloke botsitso le ho utloa bohloko ka ho sa hlokahaleng? (Liprov. 1:4) [5, w02-SU 8/15 maq. 21-2]

8. Libui tsa phatlalatsa li ka etsa joang hore Mangolo e be ’ona motheo oa lipuo tsa tsona? [6, be-SU leq. 52 ser. 6–leq. 53 ser. 5]

9. Ha sebui se etsa hore kemiso e bonolo e fetohe tlhaloso e matla ea Mangolo, se lokela ho etsa liqeto life? [7, be-SU leq. 54 lir. 2-4]

10. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a fepa Baiseraele manna beke le beke, khoeli le khoeli, lefeelleng, hona re ka ithuta’ng ho see? (Deut. 8:16) [8, w02-SU 9/1 leq. 30 lir. 3-4]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Joalokaha ho bontšitsoe ho Genese 37:12-17, ho na le ho tšoana hofe pakeng tsa bophelo ba Josefa le ba Jesu? [1, w87-SU 5/1 leq. 12 ser. 12]

12. Joalokaha ho ka bonoa tlalehong e ho Genese 42:25-35, Josefa o ile a bontša qenehelo e tšoanang le qenehelo ea Jesu joang? [2, w87-SU 5/1 leq. 18 ser. 10; leq. 19 ser. 17]

13. Litokisetso tse etsoang ke sehlopha sa lekhoba kajeno li tšoana joang le ho abuoa ha lijo-thollo mehleng ea Josefa? (Gen. 47:21-25)

14. Ha Jehova a ne a re, “ke tla ba seo ke tla ba sona,” o ne a senola eng mabapi le lebitso la hae? (Ex. 3:14, 15) [5, w95-SU 3/1 leq. 10 ser. 6]

15. Ke likotsi life tse peli tse tsamaisanang le ho korotla tse boletsoeng ho Exoda 16:2, 3? [8, w93-SU 3/15 leq. 21]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela