Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo le tla ’Ne le be Teng ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. October: Molula-Qhooa le Tsoha! Moo ho bontšoang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, u etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ithute ho Mosuoe e Moholo kapa Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Ha li se li hlahlobiloe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.
◼ Ho baloa ha selemo le selemo ha setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng ho lokela ho etsoa ka la 31 August, 2004 kapa letsatsing le atamelaneng haholo le leo. Ho baloa hona ha setoko ho tšoana le ho baloa ha libuka ho etsoang ke mohokahanyi khoeli le khoeli, ’me kakaretso e lokela ho ngoloa foromong ea Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Palo e akaretsang ea limakasine tse teng e lokela ho fumanoa ho (ba)mohlanka oa limakasine. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlokomela ho baloa ha setoko. Eena le molebeli ea okamelang oa phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo eo. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Ka kōpo romelang kopi e ka holimo ofising ea lekala pele ho la 6 September. Bolokang kopi e ’ngoe lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e tla ba eo ho sebeletsoang ho eona.
◼ Ho tloha ka la 30 August ho ea ho la 3 September, 2004, ho tla baloa setoko sa libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka leo, ho ke ke ha sebetsanoa le liodara tsa lingoliloeng tsa liphutheho matsatsing ao.
◼ Liphutheho li lokela ho qala hang-hang ho odara Libeche tsa Kopano ea Setereke ea 2004 ha li odara libuka ka September. Li odaroe ka lihlopha tsa tse 20. Liodara tse saletseng morao li ke ke tsa amoheloa, kahoo ha ho thoe li liehile, li lokela ho akarelletsoa odareng ea libuka ea October. Libeche li tla fumaneha ka Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu feela.