Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/04 leq. 3
  • Lebokose La Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose La Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • U ka Lula U Thabile Joang ha Kabelo ea Hao e Fetoha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 11/04 leq. 3

Lebokose La Lipotso

◼ Re lokela ho hlokomela mesebetsi ea phutheho joang?

Phutheho ea batho ba Jehova e etsa lintho ka mokhoa o hlophisehileng ka lebaka la boiteko bo kopanetsoeng. (1 Bakor. 14:33, 40) Nahana ka mesebetsi e lokelang ho etsoa sebokeng se le seng feela sa phutheho. Ntle ho lenaneo, ho na le mesebetsi e mengata eo bara le barali babo rōna ba e etsang pele seboka se qala le ha se fela. Mesebetsi e meng e sa hlokomeleheng le eona ke ea bohlokoa. E mong le e mong oa rōna a ka tšehetsa tokisetso ee joang?

Ithaope. Ba nang le moea oa boithaopo ba tla ba le ho hongata hoo ba ho etsang. (Pes. 110:3) Ameha ka ba kulang le ba hōlileng. Kenya letsoho tlhoekisong ea Holo ea ’Muso. Re ka ithaopela ho etsa mesebetsi e mengata ea bohlokoa. Ho hlokahala feela hore re be le moea oa ho thusa.

Sebeletsa ka boikokobetso. Batho ba ikokobelitseng ba thabela ho sebeletsa ba bang. (Luka 9:48) Boikokobetso bo tla re thibela ho amohela mesebetsi eo re ke keng ra khona ho e phetha. Ho feta moo, boikokobetso bo tla re thibela ho inkela molao matsohong.—Liprov. 11:2.

Tšepahala. Iseraeleng ea boholo-holo, Moshe o ile a khothalletsoa ho khetha “banna ba tšepahalang” hore ba be boemong ba boikarabelo. (Ex. 18:21) Le kajeno tšoaneleho e tšoanang ea hlokahala. Hlokomela hantle mosebetsi o mong le o mong oo u o fuoang. (Luka 16:10) Haeba u ke ke ua khona ho phetha mosebetsi oa hao, tiisa hore u etsa litokisetso tse loketseng tsa hore e mong a u etsetse oona ha u le sieo.

Etsa sohle se matleng a hao. Bakreste ba khothalletsoa ho sebetsa ka moea oohle esita le mosebetsing oa boipheliso. (Bakol. 3:22-24) Ho na le lebaka le matla haholoanyane la ho etsa joalo ha re sebeletsa ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele. Le haeba mosebetsi o bonahala e le oa boemo bo tlaase kapa e se oa bohlokoa, ke tlhohonolofatso phuthehong haeba o etsoa hantle.

Mosebetsi o mong le o mong o re fa monyetla oa ho bontša hore re rata Jehova le barab’abo rōna. (Mat. 22:37-39) E se eka ka botšepehi re ka hlokomela mesebetsi leha e le efe eo re e filoeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela