Litsebiso
◼ December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1990 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na tsona setokong, ka kōpo botsang hore na liphutheho tse haufi li na le lingoliloeng tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. February: Atamela ho Jehova. March: Ithute ho Mosuoe e Moholo.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara limemo tsa Sehopotso tsa selemo sa 2005 ha li odara lingoliloeng ka January. Limemo tsena li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho odaroa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Ka kōpo e-bang le kahlolo e molemo ha le odara limemo tsena kaha li lokela ho fuoa batho ba thahasellang feela, eseng motho e mong le e mong.
◼ Letoto la lihlooho tse bontšang kamoo u ka sebelisanang kateng le ngaka ea hao tse tla hlaha Tsoheng! ea February 8, 2005, li reretsoe ho thusa batho ho sebelisana hantle haholoanyane le lingaka tsa bona. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore lingaka le tsona li tla thahasella lihlooho tsena, kaha li lebisa tlhokomelo mabakeng ao ka ’ona lingaka tse ngata li ’nileng tsa thahasella molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo. Le ka ’na la rata ho odara likopi tse eketsehileng ’me la etsa boiteko bo khethehileng ba ho li fa lingaka tsa lōna le litsebi litabeng tsa bophelo bo botle. Liphutheho li lokela ho tsebisa lekala hang-hang haeba li batla likopi tse eketsehileng tsa tokollo ena.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso selemong sa 2006 se tla ba ka Laboraro la la 12 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele e le hore barab’abo rōna ba ka etsa litokisetso tse hlokahalang kapa ba hira liholo tse ka fumanehang moo liphutheho tse ngata li sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe. Maemong a joalo, baholo ba lokela ho etsa litokisetso le baokameli ba sebaka e le hore ho se ke ha e-ba le litšitiso ka lebaka la lintho tse ling tse ka etsoang ka har’a mohaho hore mokete oa Sehopotso o tsoele pele ka khotso le ka mokhoa o hlophisehileng.
◼ Ka lebaka la bohlokoa ba Sehopotso, sehlopha sa baholo se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang hore a fane ka puo ho e-na le hore ba lule ba chenchana kapa ba sebelisa mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Haeba ho e-na le moholo oa motlotsuoa ea ka khonang ho fana ka puo ena, o lokela ho khethoa hore a fane ka eona.
◼ Ho tloha bekeng ea la 27 June, 2005, re tla ithuta buka ea sehlooho se reng Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ Liphutheho li ka qala ho odara Watchtower Library—2003 Edition. Disc ena e tla fumaneha ka Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi le Setaliana. Ka kōpo hopolang hore ena ke thepa e etsetsoang kōpo e khethehileng. Ha ea lokela ho fuoa motho e mong le e mong, ho behoa lilaebraring tsa sekolo, kapa ho fuoa batho ba mpang ba thahasella Lipaki Tsa Jehova. Watchtower Library e lokiselitsoe litho tsa phutheho ’me e fumaneha ka phutheho feela.
◼ Li-disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Appreciating Our Spiritual Heritage—Senyesemane
Doing God’s Will With Zeal—Senyesemane
Doing What Is Right in Jehovah’s Eyes—Senyesemane
Marked for Survival—Senyesemane
Preserving Life in Time of Famine—Senyesemane
Why Respect Theocratic Arrangements?—Senyesemane
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Spirits of the Dead—Can They Help You or Harm You? Do They Really Exist?—Puo ea Matsoho ea Amerika