Litsebiso
◼ April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Le Lule le Lebetse! July le August: Bukana efe kapa efe e maqephe a 32, ntle le ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? le ea “Bona Naha e Ntle.”
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2004 tsa The Watchtower le Awake! Livolume tsena li tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha e le “Pending” mathathamong a lintho tse rometsoeng phuthehong. Livolume tsena li fumaneha ka kōpo e khethehileng.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ea Seafrikanse e nchafalitsoe ka ho feletseng. Puo e sebelisitsoeng bukeng ena e entsoe hore e tšoane le mantsoe a sebelisitsoeng Phetolelong ea Lefatše le Lecha. Qetellong ea buka ena e ncha e sekoahelo se bonolo ho kenyelelitsoe le lipotso tsa ho ithuta bakeng sa pale ka ’ngoe. Re kholisehile hore le tla rua molemo o moholo litšobotsing tsena tse ncha.
◼ Tsoha! ea Sepedi ha e sa tla tsoa hanngoe ka khoeli empa e se e tla tsoa hanngoe ka mor’a likhoeli tse tharo, ho tloha ka tokollo ea January 8, 2005. Liphutheho li lokela ho romela liodara tsa tsona tse ekelitsoeng kamoo ho hlokahalang kateng.
◼ Molula-Qhooa oa Sevenda o se o hatisoa hanngoe ka khoeli ho tloha ka tokollo ea January 1, 2005. Liphutheho li kōpuoa ho fetola liodara tsa tsona tsa limakasine.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!—E Mongolo o Moholo—Secibemba
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tsa MP3 Tse Fumanehang:
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—Senyesemane