Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/05 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 5/05 leq. 7

Litsebiso

◼ May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Le Lule le Lebetse! July le August: Bukana efe kapa efe e maqephe a 32, ntle le ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? le ea ‘Bona Naha e Ntle.’

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, mohlomong ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha li se li hlahlobiloe, ho tsebisoe phutheho tlalehong e latelang ea liak’haonte.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ha le letsetsa ofising ea lekala, ka kōpo hopolang lintlha tse latelang: (1) Ntle le ha e le maemo a tšohanyetso, re kōpa le letsetse litho tsa lelapa la Bethele mabapi le litaba tsa botho ka mor’a lihora tsa mosebetsi. (2) Ha u letsa mabapi le bothata bo itseng kapa potso, ka kōpo bolela ka ho hlaka hore na u letsa u le hokae le taba eo u lakatsang ho bua ka eona. Ha re khothalletse baholo hore ba kōpe ho bua le mor’abo rōna mang-mang kaha mohlomong o abetsoe ho sebetsa lefapheng le leng kapa ebe ha a fumanehe hore a fane ka thuso. Motho ea amohelang mehala o tla khona ho u fetisetsa lefapheng le loketseng. Ka kōpo leka ho bua hakhutšoanyane kamoo u ka khonang e le ho boloka nako ea bohlokoa. (3) Haeba u batla ho bua ka bothata bo u amang, ka kōpo buisana ka bona le baholo ba phutheho ea heno pele u letsetsa ofising ea lekala. Ba boemong bo botle haholo ba ho u thusa ka lipotso tsa hao le mathata. Ntle le ha taba e potlakile, re khothalletsa BOHLE, ho akarelletsa le baholo hore ba ngole lengolo le hlalosang bothata ho e-na le ho letsa. Re tla thabela ho hlahloba taba eo kapele-pele.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 1992, leqepheng la 5.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Elementary Bible Teachings—Sekwangali

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:

They Bore Thorough Witness to the Good News—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela