Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/05 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 6/05 leq. 7

Litsebiso

◼ June: Le Lule le Lebetse! July le August: Bukana efe kapa efe e maqephe a 32, ntle le ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? le ea ‘Bona Naha e Ntle.’ September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

◼ Buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova e lokela ho kenngoa laebraring ea Holo ea ’Muso. Boitsebiso bo eketsehileng mabapi le lilaebrari tsa Liholo Tsa ’Muso bo ka fumanoa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 2003, leqepheng la 3 le Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 1997 Lebokoseng la Lipotso.

◼ Ka lebaka la ho hōla ha lelapa la Bethele ea Afrika Boroa morao tjena, ho na le tlhokahalo e potlakileng ea ngaka e ’ngoe e koetlisitsoeng. Le hoja ho khothalletsoa hore likōpo li etsoe ke batho ba seng lenyalong ba lipakeng tsa lilemo tse 19 le 35, haeba mor’abo rōna ea nyetseng kapa mosali oa hae e le ngaka, a se na baphelisuoa ba bang, eena le mosali oa hae ba khothalletsoa ho nahanela memo ena. Ho boetse ho hlokahala ka potlako ngaka ea meno e koetlisitsoeng e tla sebeletsa ka nako e tletseng. Hore u tšoanelehe bakeng sa tšebeletso ea Bethele, u lokela hore bonyane u be u inehetse ’me u e-na le selemo u kolobelitsoe. U lokela ho ba motho oa moea, ea nang le moea oa boitelo, ea ikemiselitseng ho sebetsa ka thata, ea phetseng hantle ’meleng, kelellong le maikutlong, ’me u be le litokelo tsa ho lula Afrika Boroa. Haeba u le ka holimo ho lilemo tse 35 ’me u tšoaneleha, u ka lokoloha ho fumana foromo ea kōpo ea ho sebeletsa Bethele u be u e tlatse ’me u e fetisetse komiting ea tšebeletso ea phutheho ea heno. Ntle ho moo, ka kōpo founela lekaleng kapa u le ngolle bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Draw Close to Jehovah—Senyesemane

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:

Noah Walked With God—David Trusted in God—Sefora, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi, Serussia le Setaliana (Lipuo tsena kaofela li ho DVD e le ’Ngoe)

Troublesome Times and Boldly Witnessing—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela