Na U ka Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōlō?
Jehova o ikemiselitse hore litaba tse molemo li phatlalatsoe “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Ka lebaka leo, na u ka rata ho fallela moo tlhokahalo e leng khōlō haeba maemo a hao a u lumella? Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho liphuthehong tse thathamisitsoeng leqepheng le latelang. Ha u se u nahanisisitse taba ena ka thapelo, u ka ’na ua ikutloa hore u ka khona ho fallela moo ho nang le tlhokahalo. Haeba ho joalo, buisana ka taba ena le lelapa la hao le baholo ba phutheho ea heno. Ebe u ngola lengolo ’me u le fa baholo e le hore ba ka kenyelletsa litlhaloso le likhothalletso tsa bona pele le romeloa ofising ea lekala.
Van Stadensrus: Haufi le Wepener. Ho na le morali’abo rōna ea etellang pele sehlopheng sena se ka thōko sa bahoeletsi ba bane. Ho hlokahala bo-pula-maliboho, baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba tla etella pele le ho sebetsa tšimong ena e behang litholoana.
Ga-Mathapo: (Profinseng ea Limpopo) Sebakeng sena ho na le phutheho e nyenyane e nang le tšimo e khōlō. Ho hlokahala malapa a batho ba matla moeeng le bo-pula-maliboho ba ka sebetsang tšimo ena le ho etella pele ka phuthehong.
Losasaneng: (Profinseng ea North West) Ho na le phutheho e nang le tšimo e khōlō. Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho ba ka etellang pele le ho thusa batho ba thahasellang.
Malebogo: (Haufi le Hertzogville) Sebakeng sena ho hlokahala malapa a batho ba matla moeeng ba tla etella pele. Ho na le tšimo e khōlō eo ho hlokahalang hore e sebetsoe. Hape ho hlokahala baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tla hlokomela batho ba thahasellang.
Pimville East: (Soweto) Phutheho ena e na le baholo ba babeli le bahoeletsi ba 70. Haeba u moholo, na u ka ithaopela ho sebeletsa sebakeng see se nang le tlhokahalo e khōlō ea baholo?
Lesotho Thabana-Morena: Ho na le phutheho e nyenyane ea bahoeletsi ba robeli. Ba na le tšimo e khōlō. Ho hlokahala baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba nang le malapa a matla moeeng.
Sekhutloaneng: Phuthehong ena ho na le bahoeletsi ba robong feela. Ho hlokahala bo-pula-maliboho ba tla hlokomela batho ba thahasellang.
Mphaki: Sehlopha sena se senyenyane sa bahoeletsi ba bararo se na le tšimo e khōlō. Ho hlokahala malapa a batho ba matla moeeng kapa barab’abo rōna ba tla etella pele le ho thusa batho ba thahasellang tšimong.