Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/05 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 9/05 leq. 7

Litsebiso

◼ September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ithute ho Mosuoe e Moholo.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa ka phuthehong.

◼ Ho se ho tla sebelisoa sememo se secha sa phutheho se sa bontšeng letsatsi le nako ea liboka, kapa aterese ea Holo ea ’Muso. Ho tla ba le sebaka sa ho ngola boitsebiso boo foromong eo. Se tšoana le sememo sa Sehopotso, ’me se tla nkela sa khale sebaka. Letšoao la sona e tla ’ne e be sf. Se se se tla lula se le teng setokong, empa ka kōpo qetang limemo tsa khale pele le odara tse ncha. Phutheho e hokahanyang e ka ’na ea odarela liphutheho tseo e kopanetseng Holo ea ’Muso le tsona limemo tse ncha. Ka kōpo bontšang hore na li hlokahala ka lipuo life.

◼ Selemong sa tšebeletso sa 2006, bohle ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo molebeli oa potoloho a etelang phutheho ka eona, ba tla lumelloa ho ba teng karolong e qalang ea seboka seo a se tšoarelang bo-pula-maliboho bekeng eo a etetseng phutheho ka eona. Bohle ba ka khonang ho nka bopula-maliboho bo thusang ba khothalletsoa ho sebelisa hamolemo tokisetso ena e khethehileng.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara temana ea selemo ea 2006 ha li odara lingoliloeng ka September. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka odara temana e le ’ngoe feela ea selemo bakeng sa puo ka ’ngoe. Liphutheho li lokela ho fanyeha temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 2006.

◼ Ka Moqebelo oa la 15 October, 2005, mehaho ea lekala e tla be e hloekisoa, kahoo ho tla be ho koetsoe.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Likopano tse latelang tsa setereke li fetohile:

LA 2-4 December:

Boksburg (Sezulu 1) Kopano e ncha

Springs (Sezulu 1) E hlakotsoe

LA 9-11 December:

Boksburg (Sezulu 2) Kopano e ncha

Springs (Sezulu 2) E hlakotsoe

LA 16-18 December:

Boksburg (Sesotho) Kopano e ncha

Springs (Sesotho) E hlakotsoe

LA 23-25 December:

Thulamahashe (Setsonga) Kopano e ncha

LA 30 December, 2005–LA 1 January, 2006:

Kanyamazane (Setsonga) E hlakotsoe

Newcastle (Sezulu) E hlakotsoe

Vryheid (Sezulu) Kopano e ncha

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

Watchtower Library—2004 Edition—Sejapane

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:

Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, Karolo ea 1-8—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela