Litsebiso
◼ November: Ithute ho Mosuoe e Moholo. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1991 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na tsona setokong, ka kōpo botsang liphutheho tse haufi hore na li na le libuka tse ngata tsa khale setokong tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka tsamaisa bukana ea Le Lule le Lebetse!
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, e kang ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha liak’haonte tseo li se li hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa ha ho baloa tlaleho e latelang ea liak’haonte. Liphutheho tse entseng kōpo ea ho ngolisoa e le Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (li-PBO) li kōptjoa ho romela liak’haonte tsa tsona tsa September, October le November ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Li lokela ho romeloa Accounting Office.
◼ Molebeli ea okamelang: Ka kōpo tiisa hore tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) ea tlatsoa ’me e khutlisetsoa ofising ea lekala hammoho le ’mapa oa tšimo. Sena se lokela ho etsoa pele ho la 15 November, 2005. Hape ho kopanyelletsoe liphihlelo tse thahasellisang. Netefatsa hore ho sebelisoa setempe se loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.
◼ Video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights e tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso ka January. Haeba ha le na eona, le lokela ho e odara ka phutheho kapele kamoo ho ka khonehang.