Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 26 December, 2005. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 7 November ho ea ho la 26 December, 2005. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re ka etsa’ng ho tiisa hore re fana ka keletso “motheong oa lerato”? (Filem. 9) [2, be-SU leq. 266]
2. Re ka “eletsa ka thuto e phelisang hantle” ka litsela life? (Tite 1:9) [3, be-SU leq. 267 lir. 1-2]
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa hore lipuo tsa rōna e be tse khothatsang, hona re ka etsa seo joang? [5, be-SU leq. 268 lir. 1-3, lebokose]
4. Joaloka Moshe, ho thusa batho ba bang ho hopola seo Jehova a se etselitseng batho ba hae ho ka etsa hore ba be sebete joang? (Deut. 3:28; 31:1-8) [6, be-SU leq. 268 ser. 5–leq. 269 ser. 2]
5. Ke hobane’ng ha e ka ba ho khothatsang ho bamameli ba rōna ha re bua ka thabo ka seo Jehova a ntseng a se etsa hona joale le seo a tla se etsa nakong e tlang? [8, be-SU maq. 270-1]
PUO EA 1
6. Septuagint ke eng, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba e thahasella? [1, si-SU leq. 307 ser. 12–leq. 310 ser. 14]
7. Bamasorete e ne e le bo-mang, ’me ba ile ba tlatsetsa haholo joang phetolelong ea Bibele? [2, si-SU leq. 310 ser. 18; leq. 311 lir. 20-1]
8. Karolo ea Seheberu ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e tsoa tabeng efe e ngotsoeng ea motheo, hona ke hobane’ng ha ho ka thoe phetolelo ee ke ea ’nete ebile ea tšepahala? [3, si-SU leq. 312 lir. 28, 30]
9. Bakreste ba pele ba ile ba bontša tjantjello e matla ea ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo joang? [4, si-SU leq. 315 lir. 1-5]
10. Tlhahlobo ea libuka tse teng tse ngotsoeng ka letsoho le taba e ngotsoeng ea Mangolo a Halalelang e senola eng ka Bibele? [7, si-SU leq. 320 ser. 32]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Na taba ea hore Davida ha aa ka a lumelloa ho haha tempele e bontša hore Jehova o ne a sa amohele lintoa tseo Davida a ileng a li loana? (1 Likron. 22:6-10)
12. Thapelong eo Solomone a ileng a e etsa ha a nehela tempele, o ile a bontša joang hore Jehova ha a ele hloko litlhoko tsa bahlanka ba hae e le sehlopha feela empa hape o ela hloko maemo a ikhethang a motho ka mong ea mo tšabang? (2 Likron. 6:29, 30)
13. “Bademona ba nang le sebōpeho sa lipōli” bao ho buuoang ka bona ho 2 Likronike 11:15 ke eng?
14. Kaha puso ea Basha e ile ea qala “ka selemo sa boraro sa Asa” ’me ea nka lilemo tse 24 feela, re ka e lumellanya joang le taba ea hore Basha o ile “a futuhela Juda” ka “selemo sa mashome a mararo a metso e tšeletseng sa puso ea Asa”? (1 Mar. 15:33; 2 Likron. 16:1)
15. Likronike tsa Bobeli 20:22, 23 e bontša ka matla joang se tla tloha se etsahalla lefatše la Satane?