Litsebiso
◼ January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1991 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba ho hang le se na tsona setokong, ka kōpo botsang hore na liphutheho tse haufi li na le lingoliloeng tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka ’na tsa tsamaisa bukana ea Le Lule le Lebetse! February: Atamela ho Jehova. March: Ithute ho Mosuoe e Moholo. April: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!
◼ Kaha April e na le mafelo-beke a mahlano kaofela, e ka ba khoeli e ntle haholo bakeng sa ho ba pula-maliboho ea thusang.
◼ Puo ea phatlalatsa e ncha ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng, “U ka Thabela Bophelo bo Nang le Khotso Hona Joale—Le ka ho sa Feleng!” ’me e tla qala pakeng tsa February le la 5 March.
◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Laboraro la la 12 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka ’na ea qala pejana, litšoantšetso ha lia lokela ho fetisoa pele letsatsi le likela. Botsang mehloling ea boitsebiso e sebakeng sa habo lōna hore na letsatsi le likela neng moo le lulang teng. Phutheho ka ’ngoe e lokela ho leka ho itšoarela mokete oa Sehopotso. Leha ho le joalo, hase kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo. Moo liphutheho tse ’maloa li tloaetseng ho sebelisa Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse ’maloa li ka sebelisa mohaho o mong mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore bonyane ho be le metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo ka ho feletseng ketsahalong eo. Ho lokela hore ho boele ho nahaneloe maemo a sephethephethe le ho paka likoloi, ho akarelletsa le ho theola le ho lata batho. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.
◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho etela naheng e ’ngoe ’me u rera ho ba teng libokeng tsa phutheho, kopanong e nyenyane, kapa kopanong ea setereke moo, u lokela ho kōpa boitsebiso bo mabapi le matsatsi, linako le libaka ofising ea lekala e hlokomelang mosebetsi naheng eo. Ho thathamisitsoe liaterese tsa liofisi tsa makala leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao.
◼ Ofisi ea lekala e sa ntse e fumana mangolo ka lienfelopo tse se nang aterese eo a ka khutlisetsoang ho eona. E le ho thusa lefapha la Post Desk, ka kōpo ngolang ka ho hlaka lebitso la phutheho ea habo lōna le nomoro ea eona kapa haeba e le uena ea ngollang lekaleng, ka kōpo ngola lebitso le aterese eo lengolo le ka khutlisetsoang ho eona ka pele, ka holim’a enfelopo, ho elella k’honeng e holimo ka letsohong le letšehali.
◼ Mosebetsi o Khethehileng ka March, April le May: March, April le May ke nako ea ho eketsa mosebetsi oa rōna. Ba bangata e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang. Balebeli ba tšebeletso ba khothalletsoa hore hang-hang ba qale ho etsa litokisetso tsa hore liphutheho tsa habo bona li kopanele tšebeletsong ea tšimo haholoanyane. Litokisetso tsena li lokela ho akarelletsa le tsa ho ba le seabo Letsatsing la Limakasine le khethehileng ka la 1 April, 2006. Liphutheho li lokela ho romela kōpo e khethehileng ea limakasine tse eketsehileng tse tla sebelisoa likhoeling tseo ’me likōpo tsena li lokela ho fihla bonyane pele ho la 1 February, 2006. Haeba liodara li ka fihla ka mor’a nako eo, ha re tsebe hore na ho tla be ho sa ntse ho e-na le setoko se lekaneng.
◼ Molebeli ea Okamelang le Mongoli: Nakong e tlang teraka e tla tlisa lingoliloeng hang ka khoeli. Boholo ba mangolo a tsoang lekaleng a tla romeloa ka poso. Re kōpa hore le tiise hore le fa ofisi ea lekala aterese ea poso e ka tšeptjoang eo mangolo a phutheho ea lōna a ka romeloang ka eona. Hangata mangolo a tsoang ofising ea lekala aa khutla hobane aterese ea poso ea liphutheho tse ling e sa nepahala kapa e se e sa sebetse. Re kōpa hore le sebelise foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang (S-29) ha le fa ofisi ea lekala boitsebiso bona.
◼ Molemong oa bahoeletsi ba buang Sepotoketsi le batho ba bacha ba thahasellang, re rata ho le bolella hore na kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng le ea potoloho e tla tšoaroa ka matsatsi afe ka Sepotoketsi. Ho lokiselitsoe hore kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea Johannesburg e tšoaroe ka la 25 February, 2006. Re kōpa hore ha letsatsi lena le ntse le atamela le botse ofising ea lekala hore na ho tla sebelisoa sebaka sefe. Kopano ea potoloho ea Sepotoketsi e tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 22, le la 23 July, 2006.
◼ Re ntse re lokisetsa hore ho be le kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea puo ea matsoho Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 23 April, 2006. Lena e tla be e le lekhetlo la pele lenaneo lohle la kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng le tšoaroa ka puo ea matsoho. Bohle ba ka ruang molemo lenaneong lena ba mengoa ka mofuthu hore ba be teng. Le hoja ho ba teng kopanong ena ho ka ’na ha e-ba le litšenyehelo tse ngata, ho tla fa batho ba buang puo ea matsoho ba tšimong ea Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani monyetla oa hore ba be ’moho.
Letsatsi la Limakasine le khethehileng le tla ba ka la 1 April, 2006. Re khothalletsa bohle hore ba hlophise hona joale e le hore ba kopanele mosebetsing ona ka ho feletseng selemong sena. Na u ka ba pula-maliboho ea thusang khoeling ea April?