Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 February, 2006. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 2 January ho ea ho la 27 February, 2006. [Tlhokomeliso: Moo ho sa bontšoang litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re thusa joang hore re ‘nyehele ho Molimo sehlabelo sa thoriso le ho bolela lebitso la hae phatlalatsa’? (Baheb. 13:15) [1, be-SU leq. 5 ser. 3–leq. 6 ser. 1]
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho bala ka nepo? [2, be-SU leq. 83 lir. 1-5]
3. Ha re bua leha re ruta, ke hobane’ng ha ho bua ka tsela e hlakileng e le habohlokoa haholo? [4, be-SU leq. 86 lir. 1-6] 4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bitsa mantsoe ka nepo, ’me ke lintlha life tse lokelang ho hlokomeloa? [6, be-SU leq. 89 ser. 1–leq. 90 ser. 3, lebokose]
5. Ke litlhahiso life tse ka re thusang ho ba phollatsi moqoqong? [9, be-SU leq. 94 lir. 4-5, lebokose]
PUO EA 1
6. Lengolo la 2 Likronike 36:17-23 le tiisa joang hore boprofeta ba Bibele boa tšepahala? [2, si-SU leq. 84 ser. 35]
7. Ke liketsahalo life tse ileng tsa etsa hore Bajuda ba khone ho khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. e le hore ba tsosolose ntlo ea Jehova? [3, si-SU leq. 85 lir. 1-3]
8. Buka ea Esdrase e paka joang hore Jehova ke Molimo oa ’nete, hona e haha kholiseho joang ho eena? [4, si-SU leq. 87 lir. 14, 18]
9. Ke hobane’ng ha ‘selemo sa mashome a mabeli sa Morena Artaxerxese’ e le sa bohlokoa tatellanong ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona? (Neh. 2:1, 5, 6, 11, 17, 18) [5, si-SU leq. 88 lir. 2, 5]
10. Nehemia ke mohlala o motle joang bakeng sa bahlanka ba Molimo ba kajeno? [8, si-SU leq. 90 lir. 16-17]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Na batlamuoa ba khutlileng ba ne ba e-na le Urime le Thummime, tse neng li sebelisoa ha ho batloa karabo e tsoang ho Jehova? (Esdr. 2:61-63)]
12. Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba neng ba le Babylona ba ne ba le leqe ho ea Jerusalema le Esdrase? (Esdr. 7:28–8:20)
13. Mosebetsi oa ho tsosolosa lerako o ne o ka etsoa joang ka letsoho le le leng feela? (Neh. 4:17, 18)
14. Kaha mangolo a lekunutu a ne a atisa ho kenngoa ka mokotlaneng o koetsoeng, ke hobane’ng ha Sanbalate a ile a romela “lengolo le butsoeng” ho Nehemia? (Neh. 6:5)
15. Joalokaha a ile a etsa pejana ka likhosana le bahlomphehi, Nehemia o ile a nka mehato efe e meng ea khalemelo ho phaella tabeng ea “ho fumana molato” ho Bajuda ba tlohelang mosebetsi? (Neh. 13:25, 28)