Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 24 April, 2006. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 6 March ho ea ho la 24 April, 2006. [Tlhokomeliso: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ha re ruta, ke hobane’ng ha re lokela ho etsa khefu neng le neng ha re fetola mohopolo, empa ke eng e ka ’nang ea re sitisa ho etsa joalo? [2, be-SU leq. 98 lir. 3-4]
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa khefu ha re pakela ba bang? [3, be-SU leq. 99 ser. 5–leq. 100 ser. 4]
3. Ha re fana ka lipuo, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hatisa mohopolo, hona re ka khona joang ho hatisa mohopolo hantle? [4, be-SU leq. 101 lir. 1-5, lebokose])
4. Ha re bala phatlalatsa, re ka tiisa joang hore lintlha tsa sehlooho tsa boitsebiso ba rōna lia totobatsoa? [6, be-SU leq. 105 lir. 1-6]
5. Ke hobane’ng ha molumo o loketseng e le oa bohlokoa ha re ruta, hona re ka tseba joang hore na re lokela ho sebelisa molumo o mokae? [7, be-SU leq. 107-8]
PUO EA 1
6. Kajeno boemo ba Bakreste bo tšoana joang le ba Esthere le Mordekai, ’me re ka etsisa mohlala oa bona joang? [1, si-SU leq. 94 ser. 17]
7. Ha Solomone a ne a re “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea” o ne a bolela’ng? (Moek. 2:11) [3, w04-SU 10/15 leq. 4 lir. 3-4]
8. Re ka hlaolela lerato la rōna ho Molimo joang? (Mar. 12:30) [5, w04-SU 3/1 maq. 19-21])
9. Phapang ke efe pakeng tsa lintho tsa bohlokoa tsa moea le lerato la lintho tse bonahalang? [6, w04-SU 10/15 maq. 5-7]
10. Ke eng e ka re thusang hore ho se be le letho le re sitisang ho mamela likopanong tse khōlō le tse nyenyane? [7, be-SU maq. 15-16]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Ke hobane’ng ha ho ile ha koaheloa sefahleho sa Hamane? (Esth. 7:8)
12. Ke sebōpuoa sa moea sa mofuta ofe se ileng sa susumetsa monahano oa Elifaze? (Jobo 4:15, 16) [2, w05-SU 9/15 leq. 26 ser. 2]
13. Na mantsoe a Jobo a tlalehiloeng ho Jobo 7:9, 10 le ho Jobo 10:21 a bontša hore o ne a sa lumele hore ho tla ba le tsoho?
14. Mohlomong Jobo o ne a bolela’ng ha a re: “Ke phonyoha ka letlalo la meno a ka.” (Jobo 19:20)
15. Jobo o ne a bolela’ng ha a re, “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na,” hona re ka ithuta eng ho see? (Jobo 27:5)