Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 August, 2006. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 3 July ho ea ho la 28 August, 2006. [Tlhokomeliso: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ho talima bamameli mahlong ho re thusa joang hore re be mesuoe e molemo? (Mat. 19:25, 26; Lik. 14:9, 10) [July 3, be-SU leq. 124 ser. 3–leq. 125 ser. 3]
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba ka tsela ea tlhaho, hona re ka thusoa ke eng ho ba ka tsela ea tlhaho tšebeletsong ea tšimo? [July 17, be-SU leq. 128 lir. 1-5, lebokose]
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho hloeka? [Aug. 7, be-SU leq. 131 lir. 1-3]
4. “Boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong” li lokela ho ama moaparo oa rōna le boitlhopho joang? (1 Tim. 2:9) [Aug. 14, be-SU leq. 131 ser. 4–leq. 132 ser. 1]
5. Re lokela ho sebelisa melao-motheo efe ea Bibele ho tiisa hore ponahalo ea rōna e bontša hore ha re rate lefatše? [Aug. 28, be-SU leq. 133 lir. 2-3]
PUO EA 1
6. Molemo o moholohali oa ho bala ke ofe? [July 10, be-SU leq. 21 ser. 3]
7. Ke eng e bontšang hore na motho o bohlale kapa ke leoatla? (Liprov. 14:2) [July 24, w04-SU 11/15 leq. 26 ser. 5]
8. Ke hobane’ng ha ‘tsebo e le ntho e bonolo ho ea nang le kutloisiso’? (Liprov. 14:6) [July 31, w04-SU 11/15 leq. 28 lir. 4-5]
9. Ho ithuta ke eng? [Aug. 7, be-SU leq. 27 ser. 3]
10. Ho nahanisisa ka mesebetsi ea pōpo ea Jehova ho lokela ho re ama joang? [Aug. 14, w04-SU 11/15 leq. 8 ser. 4]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Mehleng ea boholo-holo, Jehova o ile a “fana ka polelo” e ileng ea etsa hore ho be le lebotho le leholo la ‘basali le bolelang litaba tse molemo’ joang, hona see se sebetsa joang kajeno? (Pes. 68:11)
12. Ke eng e ileng ea etsa hore Asafe a batle a tlohela ho etsa se nepahetseng, hona o ile a thusoa joang hore a nahane hantle? (Pes. 73:2, 3, 17)
13. Ke hobane’ng ha ho ile ha thoe manna a neng a filoe Baiseraele ke “lijo-thollo tsa leholimo” le “bohobe ba batho ba matla”? (Pes. 78:24, 25)
14. ‘Sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke eng, hona re ka ‘lula’ ho sona joang? (Pes. 91:1, 2)
15. Lefu la ba tšepahalang ba Jehova ke la bohlokoa joang mahlong a hae? (Pes. 116:15)