Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/06 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 9/06 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ithute ho Mosuoe e Moholo. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara litemana tsa selemo tsa 2007 ha li odara libuka nakong e tlang. Re kōpa hore le se ke la lieha ho romela liodara tsa lōna kaha ho ke ke ha etsoa litokisetso tse khethehileng tsa ho romela liodara tse fihlileng morao. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Sekwangali, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka odara temana e le ’ngoe feela ea selemo bakeng sa lipuo ka ho fapana. Liphutheho li lokela ho maneha temana ea selemo e ncha ka la 1 January, 2007.

◼ Re lakatsa ho hopotsa bahoeletsi hore ho hatisa lingoliloeng tsa Braille ho ja chelete e ngata haholo—tse khōlō li ja liranta tse likete. Ha mongoli oa phutheho a hlahloba foromo ea Literature Request (S-14), o lokela ho tiisa hore lingoliloeng tsena li odareloa bahoeletsi kapa lithuto tsa Bibele tse hatelang pele.

◼ Bahlanka ba lingoliloeng ba lokela ho hlokomela hore liphutheho li rometsoe liforomo tsa Literature Request (S-14) bakeng sa selemo sa tšebeletso se secha. Kahoo, ha ho hlokahale hore ba li kōpe ntle le haeba li ka fela.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa ka phuthehong.

◼ Hangata ho etsoa litsebiso tsa bohlokoa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso tse amanang le tsela ea ho etsa lintho le ho odara lingoliloeng. Bahlanka ba lingoliloeng ba lokela ho bala litsebiso tsena hang ha ba fumana Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me ba li tsebe e le hore ba ka li latela ka potlako.

◼ Lipotso tse mabapi le lingoliloeng li lokela ho ngoloa fatše ’me li romeloe ofising ea lekala ka poso, kapa ka nomoro ena ea fax (011) 761-1380, kapa ka aterese ena ea e-mail (literature@jw.org.za). Bakeng sa lipotso tse potlakileng, tse kang ha lingoliloeng li sa fumanoa, le ka letsetsa Literature Department nomorong ena (011) 761-1000.

◼ Ka linako tse ling ofisi ea lekala e fumana liodara tse potlakileng tsa lingoliloeng. Ka kōpo qobang ho romela liodara tse potlakileng ntle leha ho rometsoe thepa eo le sa e odarang. Lingoliloeng tse hlokoang bakeng sa ho tsamaisoa tšimong, bakeng sa liphutuho tse khethehileng, lingoliloeng tse ithutoang libokeng le liforomo li hlaha esale pele litsebisong. Ha lintho li hlophisitsoe hantle, ho ka qojoa boholo ba liodara tse potlakileng. Liodara tse tloaelehileng li lokela ho romeloa hang-hang khoeli ka ’ngoe, esita le haeba e le lingoliloeng tse seng kae feela.

◼ Ka kōpo le se ke la romella ofisi ea lekala li-Literature Request Form (S-14) ka fax hobane li baleha ka thata. Ho molemo hore li-S-14 li romeloe ka teraka e isang lingoliloeng depong kapa ka poso. Bahlanka ba lingoliloeng ba lokela ho hlahloba kemiso ka hloko ho bona hore na lingoliloeng li tla romeloa neng e le ho etsa bonnete ba hore S-14 ea bona e latoe depong.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!—E Mongolo o Moholo (e maqephe a 800)—Sefora, Senyesemane, Sepotoketsi le Sezulu

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:

Le Lule le Lebetse!—Puo ea Matsoho ea Amerika

Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela