Lebokose la Lipotso
◼ Na ho loketse ho etsa fantisi ea liphahlo tsa khale lapeng kapa ho hlophisa liketsahalo tse itseng tsa ho bokella chelete e le ho thusa phutheho?
Ho tloaelehile hore mekhatlo ea bolumeli e tšehetse liketsahalo tsa ho bokella chelete tse kang ho rekisa lijo, liphahlo kapa ho etsa mekete. Le hoja ba bang ba ka ’na ba nahana hore sena se etsoa ka lebaka le letle, ha e le hantle liketsahalo tse joalo ke tsela ea ho qela lichelete. Lipaki Tsa Jehova ha li fumane tšehetso ea chelete ka tsela eo.
Tokollo ea bobeli ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane), oa August 1879, e ile ea bua tjena mabapi le ho hana ha rōna ho etsisa likereke ka ho qela lichelete: “Re lumela hore motšehetsi oa ‘Zion’s Watch Tower’ ke JEHOVA, ’me ha ho sa ntse ho le joalo le ka mohla e ke ke ea qela kapa hona ho qekisa batho hore ba e tšehetse. Ha Ea reng: ‘Khauta eohle le silevera tsa lithaba ke tsa ka,’ a hlōleha ho fana ka lichelete tse hlokahalang, re tla utloisisa hore ke nako ea ho khaotsa khatiso ena.”
Re tsoela pele ho latela molao-motheo oa Mangolo o reng: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakor. 9:7) Mabokose a monehelo a behoa Holong ea ’Muso e le hore batho ka bomong ba ka ithaopela ho nehela haeba ba lakatsa ho etsa joalo. (2 Mar. 12:9) Menehelo ha e qeloe, ebile ha e fanoe ka morero oa ho boelloa ke ho itseng.