Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/07 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 1/07 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka January: Buka efe kapa efe ea khale eo phutheho e nang le eona setokong, ho akarelletsa le buka ea Tsebo. Haeba le se na tsona setokong, re kōpa hore le botse liphutheho tse haufi hore na li na le libuka tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka tsamaisa bukana ea Le Lule le Lebetse! February: Atamela ho Jehova. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!

◼ Puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “Ke Mang ea Tla Tšoaneleha ho Kena Lefatšeng le Lecha la Molimo?” ’me e tla qala ho fanoa ho tloha ka February kapa ho tloha ka la 4 March.

◼ Video ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? e tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso ka April. Haeba le e hloka, le lokela ho e odara ka phutheho kapele.

◼ Lingoliloeng tsa rōna tsa Sechaena li hatisoa ka mongolo oa mefuta e ’meli. Ka kakaretso batho ba Hong Kong le Taiwan ba bala mongolo oa khale, oo re o bitsang “Sechaena” (CH). Bongata ba batho ba bang ba balang Sechaena ba bala mongolo o nolofalitsoeng oo ho thoeng ke “Sechaena se Nolofalitsoeng” (CHS). Kaha mongolo oo motho a o balang ha oa itšetleha ka hore na o bua Secantonese, Semandarine kapa leleme le leng, ke habohlokoa hore ho fumanoe hantle hore na o rata mongolo ofe. Bukana ea Good News for People of All Nations, leqepheng la 13-14, e ka sebelisoa bakeng sa ho bapisa. Ka tsela ena, ho tla odaroa lingoliloeng tsa mongolo o nepahetseng.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho tšoara Sehopotso selemong sena ka Mantaha oa la 2 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka ’na ea qala pele letsatsi le likela, litšoantšetso tsona ha lia lokela ho fetisoa pele letsatsi le likela. Botsang mehloling ea boitsebiso e sebakeng sa habo lōna hore na letsatsi le likela neng moo le lulang teng. Phutheho ka ’ngoe e lokela ho leka ho itšoarela Sehopotso sa eona. Leha ho le joalo, hase kamehla ho ka khonehang hore ho be joalo. Moo liphutheho tse ’maloa li tloaetseng ho sebelisa Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse ’maloa li ka sebelisa mohaho o mong mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore bonyane ho be le metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka ba le monyetla o lekaneng oa ho thabela botsoalle ka mor’a Sehopotso. Hape ho lokela hore ho nahaneloe maemo a sephethephethe le ho paka likoloi, ho akarelletsa le ho theola batho le ho ba palamisa. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.

◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le lengolo la ho khethoa ha pula-maliboho (S-202) bakeng sa pula-maliboho e mong le e mong oa kamehla phuthehong. Haeba ba se na lona, ba lokela ho ngola lengolo le tsebisang ofisi ea lekala.

◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho etsa bonnete ba hore aterese le nomoro ea thelefono ea Holo ea ’Muso ea hlaha bukeng ea lithelefono ea sebakeng sa habo bona.

◼ Mosebetsi o Khethehileng ka March, April le May: March, April le May ke nako ea ho eketsa mosebetsi oa rōna. Bahoeletsi ba bangata e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang. Balebeli ba tšebeletso ba khothalletsoa hore ba qalelle hang-hang ho etsa litokisetso tsa hore liphutheho tsa habo bona li kopanele haholoanyane tšebeletsong ea tšimo, ho akarelletsa le litokisetso tsa hore ho kopaneloe tšebeletsong Letsatsing la Limakasine le khethehileng ka la 14 April, 2007. Liphutheho li lokela ho romela liodara tse khethehileng tsa limakasine tse eketsehileng tse tla sebelisoa likhoeling tsena ’me liodara tsena li lokela ho fihla bonyane pele ho la 1 February, 2007. Haeba liodara li ka fihla ka mor’a nako eo, re ke ke ra tiisa hore na ho tla ba le setoko se lekaneng kapa che.

Letsatsi la rōna la Limakasine le khethehileng le tla ba ka la 14 April, 2007. Re khothalletsa bohle hore ba qalelle hona joale ho etsa litokisetso e le hore ba ka ikakhela ka setotsoana selemong sena. Na u ka ba pula-maliboho ea thusang khoeling ea April?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela