‘Bolela Lentsoe la Molimo U sa Tšabe Letho’
1 Na ka linako tse ling u ba leqe ho bua ka tumelo ea hao ha u fuoa monyetla sekolong kapa mosebetsing? Na u thatafalloa ho fana ka bopaki bo sa reroang ho beng ka uena le baahelani ba hao kapa mohlomong ho batho bao u sa ba tsebeng? Ke’ng e tla thusa e mong le e mong oa rōna hore a sebelise menyetla e hlahang ea ho ‘bolela lentsoe la Molimo a sa tšabe letho’?—Fil. 1:14.
2 U se ke Ua Tsilatsila: Na u ne u tla tsilatsila ho buella motsoalle oa hao e moholo kapa mong ka uena ha a qosoa ka liqoso tsa bohata? Jehova, Motsoalle oa rōna e moholo ka ho fetisisa, o ’nile a senngoa lebitso ho pholletsa le histori ea moloko oa batho. Re na le tokelo e ikhethang ea ho pakela Molimo oa rōna e moholo! (Esa. 43:10-12) Ho rata Jehova ka ho tebileng ho ka re thusa hore re se ke ra ikhalala kapa ra ba le tšabo ’me ha re susumelletsa ho se tsilatsile ho bolela ’nete ka sebete.—Lik. 4:26, 29, 31.
3 Hopola hore molaetsa oa rōna ke litaba tse molemo. Batho ba o elang hloko ba tla rua melemo ea nako e telele. Ho nahana ka bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela ho e-na le ho nahana ka rōna kapa ka bahanyetsi ba rōna ho tla re thusa ho bolela ka sebete.
4 Mehlala ea ba Bang: Re ka matlafatsoa ke botšepehi ba batho ba bang ba ’nileng ba bolela lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho. Ka mohlala, ka sebete Enoke o ile a phatlalatsa hore Jehova o ne a tlil’o ahlola baetsalibe ba sa tšabeng Molimo. (Juda 14, 15) Ka botšepehi Noe o ile a bolela har’a batho ba neng ba se na thahasello. (Mat. 24:37-39) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bao e neng e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng” ba ile ba tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe khanyetso e matla. (Lik. 4:13, 18-20) Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! e atisa ho pheta lipale tsa bophelo tsa batho ba mehleng ea kajeno bao ka lebaka la ho bontša tumelo ho Jehova ba hlōtseng tšabo ea motho ’me ea e-ba baboleli ba chesehang ba evangeli.
5 Ho hlahloba bophelo ba bahlanka ba tšepahalang ba boholo-holo ba ileng ba talimana le maemo a boima ho ka etsa hore re be sebete. (1 Mar. 19:2, 3; Mar. 14:66-71) Ba ile ba “iteta sebete ka Molimo oa rōna” ’me ba bolela ba sa tšabe letho. Le rōna re ka etsa se tšoanang.—1 Bathes. 2:2.