Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/07 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 7/07 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!? September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele leetong la pele. Haeba mong’a ntlo a se ntse a e-na le buka ena, mo bontše hore na e ka mo tsoela molemo joang ka hore ka bokhutšoanyane u mo bontše hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

◼ Ho qala ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se reng “Ke Eng e Etsang Hore re Tšepe Bibele?”

◼ Ho etsoa khothalletso ea hore likōpo tsohle tsa bopula-maliboho ba kamehla li romelloe ofising ea lekala bonyane matsatsi a 30 pele ho letsatsi leo motho a tla qala ka lona. Mongoli oa phutheho o lokela ho hlahloba liforomo tsa kōpo ho tiisa hore li tlatsitsoe kaofela. Haeba motho ea etsang kōpo a sa hopole hantle letsatsi leo a kolobelitsoeng ka lona o lokela ho le hakanya ebe o le ngola moo a ke keng a hlola a le lebala. Mongoli o lokela ho ngola letsatsi lena kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21).

◼ Setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng se lokela ho baloa ka la 31 August, 2007 kapa kapele ka mor’a moo. Tsela eo setoko sena se baloang ka eona e tšoana le eo mohokahanyi oa libuka a balang setoko ka eona khoeli le khoeli, ’me kakaretso e fumanoeng e lokela ho ngoloa foromong ea Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Etsang bonnete ba hore pele le bala setoko, liodara tse khethehileng li fihlile matsohong a bahoeletsi ba li odarileng. Palo-kakaretso ea limakasine tse teng e lokela ho fumanoa ho (ba)mohlanka oa limakasine. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlophisa mosebetsi oa ho bala setoko. Eena le molebeli ea okamelang oa phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo ena. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la Setoko sa Libuka le thepa e tla romeloa ka July/August. Ka kōpo romelang foromo ea “original” ofising ea lekala pele ho la 6 September. Bolokang kopi e ’ngoe lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka ba eo ho sebeletsoang ho eona.

◼ Ka kōpo hlokomelang hore buka ea bobeli eo re lokelang ho ithuta eona le batho ba bacha e ntse e le Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Hangata bahoeletsi ba qalisa thuto ea Bibele ka bukana ea Seo a se Hlokang ebe ba fetela bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. E le ho fa batho bana ba bacha motheo o motle ’neteng, khothalletso ke hore ho ithutoe buka ea bobeli, e leng buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, le haeba motho enoa e mocha a se a kolobelitsoe.

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang Tse Nang le Lipuo Tse Ngata:

The Bible—A Book of Fact and Prophecy (dvbbl-DVC)—Searabia, Sedache, Semalagasy, Senyesemane, Sepotoketsi (Sa Brazil), Sepotoketsi (Sa Europe), Sepanishe (Ho DVD e le ’ngoe)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela