Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/07 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 8/07 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 August, 2007. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 2 July ho ea ho la 27 August, 2007.

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Re ka bontša joang hore re hlompha ba bang ha re le tšebeletsong le ka phuthehong? [be-SU leq. 192 lir. 2-4]

2. Ntho ea bohlokoa ke efe haeba re batla ho bontša hore re kholisehile ka seo re se buang? [be-SU leq. 196 lir. 1-3]

3. Ke litlhahiso life tse ling tse tla re thusa hore re be masene ha re pakela ba bang? [be-SU leq. 198 lir. 1-5]

4. Ha re pakela ba bang, ho ba masene ho akarelletsa ho tseba nako e loketseng ea ho bua joang? (Liprov. 25:11) [be-SU leq. 199 ser. 2–4]

5. Re ka fana ka lipuo ka tsela e khothatsang joang? [be-SU leq. 203 ser. 3–leq. 204 ser. 1]

PUO EA 1

6. Ho ka boleloa eng ka tsela eo Ezekiele a ngotseng ka eona haesita le ho kenyelletsoa ha buka ea Ezekiele mangolong a halalelang le bonnete ba eona? [si-SU leq. 133 ser. 2]

7. Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa e ka etsang hore motho a mamelle ho hloka toka ke efe? [w05-SU 6/1 leq. 29 ser. 4]

8. Re ithuta’ng ka tsela eo Jesu a ileng a arabela Basaduse ka eona ha ba ne ba mo botsa ka tsoho ea bafu? (Luka 20:37, 38) [be-SU leq. 66 ser. 4]

9. Ha seithuti sa Bibele kapa molumeli-’moho a botsa hore na o lokela ho etsa joang boemong bo itseng, u lokela ho araba joang? [be-SU leq. 69 ser. 4-5]

10. Ho ‘nchafala matleng a susumetsang kelello ea hao’ ho akarelletsa eng? (Baef. 4:23) [be-SU leq. 74 ser. 4]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Ho Ezekiele 9:2-4, monna ea apereng line o tšoantšetsa mang, hona ho “tšoaea liphatla” ho bolela’ng? [w88-SU 9/15 leq. 14 ser. 18]

12. Baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba tšoana joang le ‘baprofeta ba hlokang kelello, ba neng ba latela meea ea bona,’ ba hlalositsoeng ho Ezekiele 13:3? [w99-SU 10/1 leq. 13]

13. Ka ho bua ‘polelo ea maele’ e tlalehiloeng ho Ezekiele 18:2, Baiseraele ba ne ba leka ho etsa’ng, hona ke thuto efe ea bohlokoa e totobatsoang ka taba ea ho ikarabella? [w88-SU 9/15 leq. 18 ser. 10]

14. Ke ka kutloisiso efe Ezekiele e ileng ea e-ba ‘ea sa khoneng ho bua’ kapa “semumu,” nakong ea ho thibelloa le ho timetsoa ha Jerusalema? (Ezek. 24:27; 33:22) [w03-SU 12/1 leq. 29]

15. “Gogo oa naha ea Magogo” ke mang, hona o nka khato neng hore a timetse batho ba Jehova? (Ezek. 38:2, 16) [w97-SU 3/1 leq. 14 ser. 1-leq. 15 ser. 3]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela