Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ikitlaelletseng ho qala lithuto tsa Bibele leetong la pele. Ha beng ba matlo ba se ba ntse ba e-na le sengoliloeng, ba bontšeng kamoo se ka ba tsoelang molemo kateng ka ho ba bontša ka bokhutšoanyane hore na thuto ea Bibele e khannoa joang. October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ithute ho Mosuoe e Moholo.
◼ Molebeli ea okamelang o kōptjoa hore a romele tlaleho ea liak’haonte tsa phutheho tsa June, July le August ofising ea lekala kapele kamoo ho ka khonehang bofelong ba August. Ho ke ke ha hlokahala hore liak’haonte tseo li hlahlojoe pele li romeloa. Ho lokela hore ho kenngoe liseteitemente tsohle tsa banka. Li lokela ho romeloa Accounting Office—PBO Registration.
◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 la Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa ka phuthehong.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho akarelletsa Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008 le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008, kōpong ea tsona e latelang ea lingoliloeng. Lintho tsena ke tse kōptjoang ka ho khetheha ’me li lokela ho kōptjoa feela ha ho e-na le batho ba li batlang. Ho fihlela ha li le teng setokong, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lintho tse rometsoeng. Phutheho e lokela ho tsebisoa pele ho romeloa kōpo ea lingoliloeng tsena. Bahoeletsi ha baa lokela ho lieha ho ngolisa lintho tseo ba li hlokang lefapheng la lingoliloeng ’me mohokahanyi oa lingoliloeng o lokela ho romela kōpo ea lingoliloeng kapele ofising ea lekala. Molebeli ea okamelang o lokela ho tiisa hore likōpo li romeloa kapele. Ho tla hlokahala tlhophiso. Ha ho na tokisetso e khethehileng ea hore Bethele e romelle lintho ka lepotlapotla kapa li latoe teng ka lepotlapotla. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho etsa bonnete ba hore phutheho e kōpa feela palo ea lintho tse hlileng li hlokahalang.
◼ Ha ho hlokahale hore liphutheho li kōpe bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ea 2008 kaha e tla romelloa ho latela palo ea lipuo tseo Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e romelloang phuthehong ka tsona le hore na phutheho e romelloa tse kae. Leha ho le joalo, haeba liphutheho li batla tse eketsehileng kapa li li batla ka lipuo tse ling, re kōpa hore le romele kōpo eo. Le lokela ho bolela ka ho hlaka ho Literature Request Form (S-14) hore “Kōpo ena ke e eketsang palo e romeletsoeng.”
◼ Ha ho hlokahale hore le kōpe libeche tsa kopano ea setereke bakeng sa selemo sa 2007 kaha li tla romelloa phuthehong nako e sa le teng pele ho likopano. Ha libeche li fihla, mohokahanyi oa lingoliloeng oa phutheho e hokahanyang o lokela ho etsa bonnete ba hore phutheho ka ’ngoe e fumana tseo e li romeletsoeng. Haeba ho hlokahala libeche tse eketsehileng, bontšang ka ho hlaka ho Literature Request Form (S-14) hore “Kōpo ena ke e eketsang palo e romeletsoeng.” Likōpo tse tlang ka motsotso oa ho qetela li ke ke tsa amoheloa. Libeche li tla ba teng ka Seafrikanse, Sefora, Selozi, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liplastiki tse kenyang libeche li ka kōptjoa ha ho hlokahala. Re kōpa le bale Lebokose la Lipotso la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2001 mabapi le hore na ke mang ea ka fuoang beche.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola (ay)—Sevenda
Watch Tower Publications Index 2006 (dx06)—Senyesemane
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Albamo ea The Watchtower Announcing Jehovah’s Kingdom—2007 (e se nang letho) (dvcw07)—Puo ea Matsoho ea Amerika