Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/07 leq. 6
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 9/07 leq. 6

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Etsang boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele leetong la pele. Ha beng ba ntlo ba se ba ntse ba e-na le libuka, ba bontšeng hore na li ka ba tsoela molemo joang ka ho etsa pontšo e khutšoanyane ea hore na thuto ea Bibele e khannoa joang. October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ithute ho Mosuoe e Moholo. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.

◼ Kaha September e na le mafelo-beke a mahlano, e ka ba khoeli e ntle haholo bakeng sa ho ba pula-maliboho ea thusang.

◼ Sebokeng se seng sa Tšebeletso sa December ho tla tšohloa video e nang le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News. Haeba ho hlokahala, bahoeletsi ba ka kōpa video ena ka phutheho kapele kamoo ho ka khonehang.

◼ Puo e khethehileng ea phatlalatsa bakeng sa nako ea Sehopotso ea 2008 e tla fanoa bekeng ea la 31 March, 2008. Sehlooho sa eona se tla boleloa hamorao. Liphutheho tse tla beng li etetsoe ke molebeli oa potoloho kapa tse tla beng li e-na le kopano mafelo-bekeng ao, li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho fana ka puo e khethehileng pele ho beke ea la 31 March.

◼ Tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, sehlooho se reng “Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha” le se reng “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke” li tla kenngoa lenaneong la Seboka se seng sa Tšebeletso ho elella mafelong a October. Leha ho le joalo, Namibia le Botswana, moo ho tla tšoaroa likopano pejana, liphutheho li lokela ho hlophisa hore lihlooho tsena li tšohloe libeke tse tharo pele ho kopano eo phutheho e abetsoeng ho ea ho eona.

◼ Ha ho hlokahale hore liphutheho tse ileng tsa kōpa temana ea selemo ea 2007 li kōpe temana ea selemo ea 2008 kaha e tla romeloa ho latela likōpo tsa tsona tsa nakong e fetileng. Leha ho le joalo, liphutheho tse sa kang tsa kōpa temana ea selemo ea 2007, empa li rata ho fumana temana ea selemo ea 2008 li lokela ho kōpa temana ea selemo ea 2008 kōpong ea tsona e latelang ea lingoliloeng. Ho fihlela e fumaneha, e tla hlaha e le “pending” lethathamong la lintho tse rometsoeng. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Sekwangali, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Temana ea selemo e hatisoa ke k’hamphani ea ka ntle, ka lebaka leo, a re hopoleng tokelo ea rōna le boikarabelo ba rōna ba ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka seatla se bulehileng ka ho ntša menehelo ea ho koala litšenyehelo tsena. Liphutheho li lokela ho fanyeha temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 2008.

◼ Ka linako tse ling ofisi ea lekala e amohela Literature Request Form (S-14) le foromo ea Congregation Requests (M-202) tse sa ngoloang lebitso la phutheho le nomoro ea phutheho. Maemong ao, ho ba thata ho sebetsa kōpo eo. Ka mosa re hopotsa bangoli hore, pele ba saena liforomo tsena le ho li romela, ba hlahlobisise lintho tsena.

◼ Re hatisa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka lipuo tse latelang tsa linaha lisele: Seamharic, Sechaena (Se Tloaelehileng, Se Nolofalitsoeng, le [Sepinyin] Se Nolofalitsoeng), Sefora, Segerike, Sejapane, Sepersia, Sepolishe, Sepanishe le Setaliana. Litokollo tsena li hatisoa ka nako e le ’ngoe le tsa lipuo tsa rōna ’me li romeloa ka nako e le hore li ka sebelisoa Sebokeng sa Tšebeletso. Leha ho le joalo, lintlheng tse itseng li ka ’na tsa fapana hanyenyane le khatiso ea Senyesemane ea Afrika Boroa. Haeba liphutheho li hloka Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka lipuo tsena, li lokela ho e kōpa ka foromo ea Congregation Requests (M-202). Ha ho hlokoa lipuo tse sa thathamisoang mona, ka kōpo ngollang ofisi ea lekala (kapa le e founele) hore le fuoe boitsebiso bo eketsehileng ’me le bolele hore le botsa ka lebaka la tsebiso ena.

◼ Re fumana limakasine tse fapa-fapaneng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse tsoang makaleng a mang ka lipuo lisele. Kaha re li romelloa ka mokhoa o sebelisang litšenyehelo tse tlaase, hangata li lieha ho fihla bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke. Leha ho le joalo, haeba liphutheho li kōpa litokollo tsa lipuo tse itseng bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa nako e sa le teng, re ka khona ho fana feela ka likopi tse hatisitsoeng tsa lihlooho tse ithutoang. Re kōpa hore le ngolle ofisi ea lekala (kapa le e founele) bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ’me le bolele hore le botsa ka lebaka la tsebiso ena.

◼ Ho tloha ka January 2008 Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla hatisoa le ka Sekwangali le Sekwanyama/Sendonga. Liphutheho li lokela ho romela likōpo tsa tsona tsa lipuo tsena ka foromo ea Congregation Requests (M-202) pele ho la 1 October, 2007 e le hore li amohele tokollo ea tsona ea pele ea January 2008.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

“All Scripture”—Authentic and Beneficial (bukana ea 2008) (bsi08)—Sekwangali, Sekwanyama

Binelang Jehova Lithoriso—Ea Mantsoe Feela (lipina tse 100) (sb100)—Sekwangali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela