Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/07 leq. 1
  • Le Tsamaee Joaloka Batho ba Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Tsamaee Joaloka Batho ba Bohlale
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Masimo a Soeufetse Bakeng sa Kotulo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Bakotuli ba Eketsehileng Ba Hlokahala ka Potlako!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ikakhele ka Setotsoana Mosebetsing o Moholo oa Kotulo ea Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Re Thabela ho Ikakhela ka Setotsoana Tšebeletsong ea Jehova!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 11/07 leq. 1

Le Tsamaee Joaloka Batho ba Bohlale

1 Ha Jesu a ne a kōpa batšoasi ba bane ba litlhapi hore e be balateli ba hae, ha baa ka ba chechisa qeto ea bona empa “hang-hang . . . ba [ile ba] mo latela.” (Mat. 4:18-22) Ha Saule oa Tarsase a ne a sokolloa ’me hamorao a boela a bona, le eena ha aa ka a lieha, empa “kapele-pele ka lisynagogeng [o ile] a qala ho bolela Jesu.” (Lik. 9:20) Nako e tsamaea e sa khaotse e lebile pele; ha e fetile, e etse ruri. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokoa hore re ‘tsamaee joaloka batho ba bohlale’ mabapi le tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona.—Baef. 5:15, 16.

2 Ketsahalo e sa Lebelloang: Menyetla eo re nang le eona kajeno ea ho sebeletsa Jehova e ka ’na ea ba sieo hosasane. (Jak. 4:14) Ha ho motho ea sa angoeng ke “ketsahalo e sa lebelloang.” (Moek. 9:11) Ho phaella moo, kaofela ha rōna rea tsofala, ’me tsamaisong ena ea hona joale ea lintho re ke ke ra qoba “matsatsi a tlokotsi” a tsamaeang le ho hōla le a re sitisang ho etsa seo re ka khonang ho se etsa tšebeletsong ea Jehova. (Moek. 12:1) Kahoo, hase bohlale ho lieha ho inehela ho Molimo kapa ho letela hore maemo a be matle pele re ka atolosa tšebeletso ea rōna ho fihlela moo re ka khonang hona joale. (Luka 9:59-62) Abrahama o ile a fumana khotso le khutso ha a se a hōlile, o ile a shoa “a tsofetse ’me a khotsofetse” hobane o ne a sebelisitse bophelo ba hae ka bohlale, a inehetse ka ho feletseng ho Jehova.—Gen. 25:8.

3 Nako e Setseng e Fokotsehile: Le rōna re batla ho sebelisa nako ea rōna ka bohlale hobane “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29-31) Haufinyane tsamaiso ena ea khale ea lintho e tla fela. Menyetla ea ho kopanela mosebetsing o moholo oa ho bokella batho ba kang linku nakong ea ho kotula “lijalo tsa lefatše” e tla fela. (Tšen. 14:15) Re lokela ho ba seli hore re se ke ra lumella matšoenyeho le litšitiso tsa lefatše ho re nkela nako eo re neng re ka e sebelisa hamolemo tšebeletsong. (Luka 21:34, 35) Re tla khotsofala hakaakang ha re hopola hore re ile ra kopanela ka botlalo mosebetsing oa kotulo!

4 Re lokela ho lula re lebetse e le hore re se ke ra fetoa ke menyetla ea tšebeletso e ka ’nang ea re bulehela. A re ikemisetseng ho etsa sohle seo re ka se khonang ho sebeletsa Jehova “hafeela ho ka bitsoa hore ke ‘Kajeno.’” (Baheb. 3:13) Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore ka sebele re bohlale, hobane “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela