Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/07 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 11/07 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka November: Ithute ho Mosuoe e Moholo. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Bukana ea Le Lule le Lebetse! Haeba le se na lingoliloeng tsena setokong, le ka tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

◼ Kaha December e na le mafelo-beke a mahlano, e ka ba khoeli e ntle haholo bakeng sa ho ba pula-maliboho ea thusang.

◼ Bahoeletsi bohle ba khothalletsoa hore ba tlatse karete ea durable power of attorney (DPA), haeba ba e-s’o e tlatse. Karete ena ea DPA e sireletsa tokelo ea hao ea ho hana ho tšeloa mali. Baholo ba tla fana ka thuso ho motho ka mong haeba ho hlokahala.—Bonang kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2007.

◼ Ha ho sa hlokahala hore bahoeletsi ba tlise leqetšoana la Peho ea Thuto (S-3) bakeng sa thuto ka ’ngoe ea lehae ea Bibele eo ba e khannang har’a khoeli. Leha ho le joalo, ba ntse ba lokela ho tsoela pele ba ngola palo ea lithuto tse sa tšoaneng tsa Bibele tseo ba li khannileng karolong e loketseng leqetšoaneng la Tlaleho ea Tšebeletso ea Tšimo (S-4). Ho tloha hona joale, leqetšoana la S-3 le tla sebelisetsoa feela ho tlaleha lenane la ba bang teng libokeng tsa phutheho.

◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho romela tlaleho e tlatsitsoeng ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-63), ’mapa oa tšimo le liphihlelo leha e le life tse thahasellisang ofising ea lekala pele ho la 17 November, 2007. Tiisa hore u sebelisa setempe se loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.

◼ Khafetsa ho fanoa ka litsebiso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso mabapi le mekhoa e itseng e lokelang ho lateloa le mekhoa ea ho kōpa lingoliloeng. Bahlanka ba lingoliloeng ba lokela ho itloaetsa litsebiso tsena hang feela ha ba fumana likopi tsa bona tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e le hore ba phethahatse se boletsoeng moo ka potlako.

◼ Re hopotsa bahoeletsi hore ho etsa likhatiso tsa Braille ho tura haholo. Likhatiso tse khōlō li ka bitsa liranta tse likete tse seng kae. Re filoe tokelo ea ho fana ka monehelo bakeng sa likhatiso tsena. Ha mongoli oa phutheho a saena Literature Request Form (S-14) o lokela ho netefatsa hore likhatiso tsena ke tsa bahoeletsi kapa lithuto tsa Bibele tse hatelang pele. O lokela ho ngola ka ho hlaka ho S-14 hore o hlahlobile kōpo eo le hore o e chaetse monoana. Ba fumanang lipeeletso tsa The Watchtower kapa Awake! ka Braille le bona ba lokela ho hopola litšenyehelo tsa tsona.

◼ Liphutheho li ka qala ho kōpa likhatiso tse nchafalitsoeng tsa Kingdom Melodies—On Compact Disc, Volume 5 (cdm-5).

◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:

Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang? (pr)—Sekwanyama

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? (cdrq)—Seafrikanse, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa, Sezulu

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tsa MP3 Format Tse Fumanehang:

Bible Dramas (mpdrm)—Senyesemane

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang (mpbi12)—Sepotoketsi

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Nang le Lipuo Tse Fapa-fapaneng Tse Fumanehang:

Organized to Share Good News and Whole Association of Brothers (dvjwa)—Searabe, Sedache, Semalagasy, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi (sa Brazil,) Sepotoketsi (sa Europe), (Li ho DVD e le ’ngoe)

To the Ends of the Earth and United by Divine Teaching (dvedt)—Searabe, Sedache, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi (sa Brazil,) Sepotoketsi (sa Europe), (Li ho DVD e le ’ngoe)

Young People Ask—How Can I Make Real Friends? (dvfe)—Searabe, Sedache, Semalagasy, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi (sa Brazil), Sepotoketsi (sa Europe), (Li ho DVD e le ’ngoe)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela